Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esthere 9:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ke ka baka leo Bajuda ba naheng, ba ahileng metseng e se nang marako, ba etsang letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare letsatsi la thabo le la monyaka, le letsatsi le mokete, leo ho romelanwang dimpho ka lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Kahoo Bajuda ba ahileng metsaneng a ka mathoko ba etsa hore letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Hlakubele, e be letsatsi la thabo le la mokete, letsatsi le monate, la ho abelana dimpho.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 9:19
13 Referencias Cruzadas  

Naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, nqalong tsohle tseo polelo ya morena le taelo ya hae di fihlileng ho tsona, Bajuda ba dula thabong le nyakallong, ba etsa diboka le letsatsi la mokete; esita le ba bangata hara ditjhaba tsa lefatshe ba iketsa Bajuda, ka hobane letsoso la Bajuda le ne le ba wetse hodimo.


Mordekai a ngola ditaba tseo, mme a romela mangolo ho Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, ho ba leng haufi le ho ba leng hole,


ka ho re, ke ka matsatsi ao Bajuda ba boneng phomolo ho dira tsa bona, hape ke ka kgwedi eo maswabi a bona a fetohileng thabo, le bofifi ba bona bo fetohileng mokete; ha thwe, ba a etse matsatsi a mokete le a thabo ao ho romelanwang dimpho, ao hape ho phomosetswang mafutsana ka wona.


la re ho lona: matha, o bolelle mohlankana enwa, o re: Jerusalema o tla ahuwa jwaloka naha e phatlaletseng ka baka la bongata ba batho le ba diphoofolo tse ho wona;


Le mpe le fane ka dintho tsa lona, mme dintho kaofela di tla hlweka ho lona.


Empa ha mofumanehi a ka ba teng ha eno, e leng e mong wa banabeno, a leng motseng ofe le ofe wa heno, naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona, o se ke wa thatafatsa pelo ya hao, mme o se fupare diatla tsa hao pela ngwaneno ya fumanehileng.


O thabe pela Jehova, Modimo wa hao, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi ya leng ha eno, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.


Mokete oo wa hao o thabelwe ke wena, le ke mora wa hao, le ke moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ba ahileng menyakong ya hao.


Metse eo yohle e ne e teetswe hare ke marako a malelele, e na le menyako le mekwallo, ho sa balwe metse e mengatangata e se nang marako.


Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thabela lefu la tsona, ba nyakalle, ba be ba isetsane dimpho, kahobane baporofeta ba babedi bao ba ne ba kgathaditse ba ahileng lefatsheng.


Leha o ka botsa bahlanka ba hao, ba tla o bolella. Ha ho le jwalo, bahlankana bao ba ka ba ke ba bone mohau ho wena, hobane re hlahetswe ke tsatsi le letle; ke a o kopa, ke re, o nee bahlanka ba hao le mora hao Davida seo o tla iphihlela o ena le sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos