Esthere 9:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)18 Empa Bajuda ba Susane bona ba phutheha ka la leshome le metso e meraro le ka la leshome le metso e mene la kgwedi yona eo, mme ba phomola ka la leshome le metso e mehlano, ba le etsa letsatsi la mokete le la thabo. Ver CapítuloBIBELE18 Ka letsatsi la leshome le metso e meraro, le la leshome le metso e mene, la yona kgwedi eo, Bajuda ba Shushane ba kgobokana. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la yona kgwedi eo, ba phomola, ya eba letsatsi la mokete le la thabo. Ver Capítulo |
Kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare, ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi, leo lentswe le taelo ya morena di neng di tshwanetse ho phethwa ka lona, e leng letsatsi leo dira tsa Bajuda di neng di tshepile hore di tla ba tsohela matla ka lona, ditaba tsa fetoha, mme Bajuda ya eba bona ba tsohelang ba ba hloileng matla.