Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esthere 9:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Morena a laela hore ho etswe jwalo; ha bolelwa taelo Susane, mme bara ba leshome ba Hamane ba fanyehwa difateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Yaba kgosi e laela hore ho etswe jwalo. Ha ntshwa taelo Shushane, mme bara ba Hamane ba leshome ba fanyehwa.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 9:14
9 Referencias Cruzadas  

Ke laela hore bohle ba mmusong wa ka, bao e leng ba setjhaba sa Iseraele, le baprista ba bona le Balevi, ba ratang ho kgutlela Jerusalema ka thato ya bona le wena, Esdrase, ke re ba ka tsamaya.


Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.


Tona e nngwe, Karbona, ya re ho morena: Bona, sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, seo Hamane a se emiseditseng Mordekai, ya buileng hantle bakeng sa morena, se hlomilwe tlung ya Hamane. Morena a re: Mo fanyeheng ho sona.


Esthere a re: Ha morena a dumela, Bajuda ba Susane ba boele ba dumellwe le hosasane ho etsa ka taelo ya kajeno, mme ho ke ho fanyehwe difateng bara ba leshome ba Hamane.


Ha ho le jwalo, Bajuda ba Susane ba boela ba phutheha ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare, mme ba bolaya batho ba makgolo a mararo Susane, ba mpa ba sa ka ba hapa letho.


Ba babe ba dihuwa, eba ba se ba le siyo; empa ntlo ya motho ya lokileng e ya nne e eme.


Le hoja motho a ne a ka tswala bana ba lekgolo, a phela lemo tse ngata, ditshiu tsa dilemo tsa hae tsa atiswa, ha moya wa hae o mpa o sa kgore bomadimatle, mme a hloka le lebitla, ke re, esita le sefolotsana se mo feta ka lehlohonolo;


Balaame a bona Amaleke, a porofeta, a re: Amaleke ke sehlooho sa ditjhaba, empa ka tsatsi le leng o tla fediswa.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos