Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 9:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Oho, jwale, le se ke la nea bara ba bona baradi ba lona, mme le se ke la nkela bara ba lona baradi ba bona; le se ke la batla setswalle sa bona, leha e le matlotlo a bona le ka mohla o le mong, le tle le tsebe ho ipha matla, mme le je monono wa naha, le be le e siele bana ba lona e be lefa ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ka baka leo he, le se ke la nyallana le bona, leha e le ho sebeletsa kgotso ya bona, kapa ho tswela pelo leruo la bona ho isa kgale, e le hore le tle le matlafale, le je menono ya naha eo, le e siele bana ba lona hore e be lefa la bona la kamehla yohle.’

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 9:12
17 Referencias Cruzadas  

Jwale, mahlong a Baiseraele bohle, a phutheho ya Jehova, Modimo wa rona ha o ntse o re utlwa, ke re: Bolokang, le batle ditaelo tsohle tsa Jehova, Modimo wa lona, hore le nne le rue fatshe lena le molemo, mme le le siele bara ba lona e le lefa la bona kamora lona, ka ho sa feleng.


Jehu, mora Hanani, seboni, a ya mo kgahlanyetsa, a re ho morena Josafate: Na ke tshwanelo hore o thuse e mobe, mme o rate ba hloileng Jehova na? Jehova o o halefetse ka baka la tseo.


Ke mona ba nyetse baradi ba bona, ba ba nyadisitse le bara ba bona, mme mofuta o halalelang o se o itswakantse le ditjhaba tsa naha tseo. Boikgantsho boo bo qadilwe ke dihlooho le bahlahlobi.


O se ke wa etsa selekane le bona, kapa le medimo ya bona.


Motho e motle o siela ditloholo tsa hae lefa; empa maruo a moetsadibe a tla fuwa motho ya lokileng.


Ha motho a lokile, mme a tsamaya ho lokeng, ho lehlohonolo bana ba hae ba mo latelang!


Ha le rata ho utlwa, le tla ja monono wa lefatshe;


O se ke wa ba batlela kgotso, leha e le molemo, ka matsatsi wohle a hao.


O se ke wa hloya Moedomo, hobane ke ngwaneno; o se ke wa hloya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya hae.


O se ke wa nyallana le bona; o se ke wa nea bara ba bona baradi ba hao, mme o se ke wa nkela bara ba hao baradi ba bona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos