Esdrase 9:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 eo o re laetseng yona ka bahlanka ba hao baporofeta, wa re: Lefatshe leo le tlang ho kena ho lona ho le rua, ke lefatshe le silafaditsweng ke ditshila tsa ditjhaba tsa dinaha tseo le ke manyala ao ditjhaba tseo di le tlatsitseng ka wona ditshileng tsa tsona, ho qala pheletsong e nngwe ho isa pheletsong e nngwe. Ver CapítuloBIBELE11 eo o neng o re laye ka yona, ka bahlanka ba hao, baporofeta, wa re: ‘Naha eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona, ke naha e sa hlwekang, ka baka la ho silafatswa ke baahi ba dinaha tseo ka manyala a bona, a e aparetseng ho tloha ntlheng e nngwe ho isa ho e nngwe. Ver Capítulo |
Taba tseo hobane di fele, dihlooho tsa atamela ho nna, tsa re: Setjhaba sa Iseraele le baprista le Balevi ha ba ka ba ikgetha ho ditjhaba tse dinaheng tse ka mathoko, ba mpa ba entse ka manyala a tsona, e leng Bakanana, le Bahethe, le Baferese, le Bajebuse, le Baammone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.