Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 8:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yare re sa le nokeng ya Ahava, ka bolela tsatsi la ho itima dijo, re tle re ikokobetse pela Modimo wa rona, hore re ikopele ho wona leeto le letle la rona, le la bana ba rona, le la ntho tsohle tsa rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Hona moo nokeng ya Ahafa, ka phatlalatsa hore ho itingwe dijo, e le hore re tle re inyatse kapele ho Modimo wa rona, mme rona, le bana ba rona, le dintho tsa rona, a re baballe leetong la rona.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 8:21
37 Referencias Cruzadas  

Josafate a tshoha, a hla a batla Jehova, mme a tsebisa Bajuda bohle hore ba itime dijo.


Yaba Bajuda ba phuthehela ho rapela Jehova, mme ha tsuwa metseng yohle ya Juda ho tla batla Jehova.


Ka ba phutha nokeng e mathelang Ahava, mme ra emisa teng tshiu tse tharo; eitse ha ke hlahloba setjhaba le baprista, ke se ke ka fihlela le a mong wa bara ba Levi.


Ra tloha nokeng ya Ahava ka la leshome le metso e mmedi la kgwedi ya pele, re lebile Jerusalema. Letsoho la Modimo wa rona la nna la eba ho rona, mme wa re namolela matsohong a dira le ho ba re laletseng tseleng.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi eo, bana ba Iseraele ba phuthehela ho itima dijo, ba apere masela a mahwashe, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole.


Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.


Mabopong a dinoka tsa Babilona re ne re dutse, re lla, ha re hopola Sione;


Jehova, ntsamaise ho lokeng ha hao, ka baka la ba ntwantshang; o lokise tsela ya hao pela ka. Hobane ha ho nnete melomong ya bona, ke thato ya ho senya feela;


lehano la bona ke lebitla le ahlamileng, ba qeka ka leleme la bona.


O theile kganya ya hao ka molomo wa bana le wa ba anyeswang ka baka la ba o lwantshang, ho kgutsisa sera sa hao le moiphetetsi.


O mo kenye mererong ya hao yohle, mme o tla o tsamaisa ditseleng tsohle tsa hao.


Ditsebe tsa hao di tla utlwa lentswe kamora hao, le reng: Tsela ke yona ena, tsamayang ho yona, esere la ya ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.


Mmila o tla ba teng le tsela e bitswang tsela ya kgalalelo; ha ho motho ya ditshila ya tlang ho feta teng, e tla ba ya ba lokileng feela; ya tsamayang tseleng eo leha e le sethoto, a ke ke a lahleha.


Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.


Ba re: Na re itimelang dijo, ha o sa re bone? Re hlokofaletsang meya ya rona, ha o sa hlokomele teng na? Bonang, ka letsatsi la lona la ho itima dijo le mathela mesebetsing ya lona, mme le hlorisa bohle ba le sebeletsang.


Na hoo ke ho itima dijo hoo ke ho ratang ho motho, mohla a hlokofatsang moya wa hae na? Ho kebisa hlooho jwaloka lodi, le ho robala hodima lesela le mahwashe le melora, na ke hona hoo o ho bitsang ho itima dijo le letsatsi le ka kgahlisang Jehova na?


Oho! Jehova, ke a tseba hobane tsela ya motho ha e matleng a hae, mme motho ya tsamayang a ke ke a lokisa dika tsa hae.


hore Jehova, Modimo wa hao, a tle a re supise tsela eo re tshwanetseng ho tsamaya ka yona le seo re tshwanetseng ho se etsa.


Ka phahamisetsa mahlo a ka ho Morena Modimo ho ithusa ka thapelo le kopo, ka ho itima dijo, ka lesela le mahwashe le ka melora.


Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso; bokellang maqheku, le bokelle bohle ba naha tlung ya Jehova, Modimo wa lona, le howeletse ho Jehova.


Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, ke wona ona: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi, le tla hlomola dipelo tsa lona; le tla lesa mesebetsi yohle, kapa e leng ba tswaletsweng ha habo lona, kapa e leng ba jakileng hara lona.


E tla ba ho lona Sabatha, letsatsi la phomolo, mme le tla hlomola dipelo tsa lona. Ke molao o sa feleng.


Motho e mong le e mong ya sa tlong ho hlomoha ka letsatsi leo, o tla tloswa hara setjhaba sa habo.


Yaba batho ba Ninive ba dumela Modimo, ba bea letsatsi la ho itima dijo, ba apara bohle masela a mahwashe, ho qala ka e moholo wa bona ho isa ho e monyenyane.


Mme ha tsebiswa, ha tumiswa kahohle Ninive, ka taelo ya morena le ya matona a hae, ha thwe: Ho se ke ha eba letho, kapa motho, leha e le phoofolo, kapa dikgomo, leha e le dinku, tse ka jang letho; di se ke tsa fula, di se ke tsa enwa metsi;


Na ke ka baka lang Jehova a re isang fatsheng leo hore re yo shwela teng ka lerumo, mme basadi ba rona le bana ba rona ba hapuwe teng? Na ho ke ke ha eba molemo hore re kgutlele Egepeta na?


Haele bana ba lona, bao le itseng ba tla hapuwa, ke tla ba kenya teng, mme ba tla tseba naha eo le e nyatsitseng.


Hobane pallo eo e etseditswe lona, le bana ba lona, le ba leng hole kaofela, ba sa tlang ho bitswa ke Morena, Modimo wa rona.


Yaba bana bohle ba Iseraele le setjhaba sohle ba nyoloha, ba ya Bethele, ba lla ba ntse ba eme hona teng pela Jehova; ba itima dijo ka tsatsi leo, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho pela Jehova.


Ba phuthehela Mitspe. Teng, ba ekga metsi, mme ba a tshollela pela Jehova, mme ba itima dijo tsatsing leo, ba re: Re sitetswe Jehova. Mme Samuele a ahlolela bana ba Iseraele Mitspe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios