Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 7:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mme nna ke le morena Artakserksese, ke laela lona bohle ba mose wane ho noka, ba bolokang matlotlo a ka, hore le phakise le etse kahohle kamoo Esdrase, moprista le mongodi ya masene molaong wa Modimo wa mahodimo o tla kopa kateng,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 “Nna, kgosi Aretaseresese, ke etsa taelo ho baboloki bohle ba matlotlo, ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, hore tsohle tseo moprista Esera, setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo, a tla di kopa ho bona, ba mo nee tsona ntle ho tikatiko.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 7:21
11 Referencias Cruzadas  

Re tsebisa morena, re re, ha motse ono o ka tsoswa, le marako a wona a phethwa, ha o sa tla hlola o rua letho mose o kwano ho noka.


hape, Jerusalema ke motse o nnileng wa buswa ke marena a matla a neng a busa naha yohle e mose wane ho noka, ao lekgetho le sethabathaba le kabelo di neng di ntshetswa wona.


Ha ho le jwalo, lona Thathnai, mmusisi wa naha e mose wane ho noka, le Shethare-Bosnai, le balekane ba lona ba Afarsa ba mose wane ho noka, le itulele hole le moo.


Kamora tseo, mohla ho busang Artakserksese, morena wa Persia, Esdrase mora Seraia, mora Asaria, mora Hilkia,


ho kgutla talenteng tse lekgolo tsa silefera, le dikoreng tse lekgolo tsa koro, le dibatheng tse lekgolo tsa veine, le dibatheng tse lekgolo tsa ole, ka letswai le se nang ho ngolwa bongata.


E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.


Hape, ba nea matona a morena le babusisi ba mose o kwano ho noka ditaelo tsa morena. Yaba bao ba emela setjhaba le ntlo ya Modimo.


Hape, ka re ho morena: Ha morena a dumela, nke ke newe mangolo a yang ho babusisi ba mose wane ho noka, ba tle ba nnee tsela, ke be ke fihle Judea.


O re laetse ditemoso tsa hao hore re nne re di boloke haholoholo!


wa hore, bophareng bohle ba mmuso wa ka, batho ba tshohe, mme ba tshabe Modimo wa Daniele; etswe e le Modimo o utlwang, o leng teng ka ho sa feleng; mmuso wa wona o ke ke wa fediswa, le borena ba wona bo ya nne bo hlolehe ho isa bofelong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos