Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 4:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ka ba ka laela, mme ha batlwa, ha ba ha fumanwa hobane motse ono o nnile wa ikgantshetsa marena, haesale le mehleng ya kgale, mme ha nna ha hlaha boikgantsho le moferefere ho wona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ke laetse hore ho fuputswe, mme ho fumanwe hore ka nako e fetileng motse ona o ile wa ikgohomosetsa dikgosi, wa tsosa bohlabaphiyo le bofetohedi.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 4:19
10 Referencias Cruzadas  

Jehova a ba le yena; ebile moo a qhomehang nthong tsohle tseo a di etsang. A fetohela morena wa Assiria a se ke a hlola a mo sebeletsa.


Efela e bile ka kgalefo ya Jehova hoo ho hlahetseng Jerusalema le Juda, a ba a ba lahlela hole le yena. Tsedekia a ntoo fetohela morena wa Babilona.


ha ho ka batlwa bukeng ya ditaba tsa ho phela ha bontatao, o tla fumana bukeng ya ditaba tseo, o be o tsebe hore motse ono ke motse o ikgantshang, o senyetsang marena le dinaha; le hore boikgantsho bo nnile ba eba teng motseng ono haesale le mehleng ya boholo; motse ono o bile wa fediswa ka baka leo.


Lengolo leo le nthometseng lona le badilwe hantlentle pela ka.


hape, Jerusalema ke motse o nnileng wa buswa ke marena a matla a neng a busa naha yohle e mose wane ho noka, ao lekgetho le sethabathaba le kabelo di neng di ntshetswa wona.


Ha ho le jwalo, ha morena a dumela, ho ke ho batlwe bobolokelong ba matlotlo a morena bo Babilona, ha ekaba taelo e kile ya laelwa ke morena Siruse, ya ho haha ntlo eo ya Modimo e Jerusalema; mme morena a ke a re romele thato ya hae bakeng sa taba eo.


Kganya ya Modimo ke ho bea ditaba sephiring, empa ho di batlisisa ke kganya ya marena.


o tla batla o batlisise, o botsisise haholo. Ha o fumana hobane ke nnete le taba e tiileng, le hobane ho entswe manyala a kalo haeno,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos