Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Esdrase 2:68 - Sesotho 1909/1961 (SO)

68 Eitse hobane ba fihle tlung ya Jehova ya Jerusalema, ba bang ba dihlooho tsa matlo a bontata bona ba ntshetsa ntlo ya Jehova dimpho ka ho rata ha bona, hore e tsoswe setsheng sa yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

68 E ile yare ha batho bana ba fihla Tempeleng ya Morena e Jerusalema, ba bang ba dihlooho tsa malapa abo bona ba etsetsa Tempele ya Modimo dinyehelo tsa boithaopo, hore ba boele ba e hahe setsheng sa yona sa pele.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 2:68
20 Referencias Cruzadas  

Yaba lengeloi la Jehova le laela Gade hore a bolelle Davida hore Davida a nyolohe, a hahele Jehova aletare seotlong sa Ornane Mojebuse.


Yaba Davida o re: Ke hona mona moo ntlo ya Jehova Modimo, ke hona mona moo aletare ya ditjheso tsa Iseraele.


Yaba Salomone o qala ho haha ntlo ya Jehova, Jerusalema, thabeng ya Moria, e neng e supiswe ntatae Davida, setsheng sona seo Davida a neng a se lokisitse seotlong sa Ornane Mojebuse.


le dikamele tse makgolo a mane a mashome a mararo a metso e mehlano, le diesele tse dikete tse tsheletseng tse nang le makgolo a supileng a mashome a mabedi.


Hape, ka ho ikutlwa matla a bona, ba ntshetsa bobolokelo ba tjhelete tsa mosebetsi didarike tsa kgauta tse dikete tse mashome a tsheletseng a motso o mong, le dimina tsa silefera tse kete tse hlano, le diaparo tse lekgolo tsa baprista.


Ba tsosa aletare setsheng sa yona, leha ba ne ba ntse ba tshohile ditjhaba tse dinaheng tse ka mathoko, mme teng ba hlabela Jehova mahlabelo a ditjheso, e leng ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya.


Efela re bafo; empa le bofong ba rona, Modimo wa rona ha o a ka wa re lahla, wa mpa wa re fumantsha mohau ho marena a Persia, hore o tle o boele o re pholose, mme ntlo ya Modimo wa rona e tle e hahuwe, le dithako tsa yona di tle di tsoswe, e le hore re boele re rue lerako Juda le Jerusalema.


Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


Bua le bana ba Iseraele hore ba nntshetse kabelo ya seo ba nang le sona; le amohele kabelo ya motho ka mong ya nntshetsang yona ka pelo e ntle.


Motho ka mong ya eleditsweng ke pelo ya hae le bohle ba pelo di ithatetseng, ba fihla ba tlisetsa Jehova dikabelo ho sebetsa tente ya pokano, le tsohle tsa tshebeletso ya yona, le diaparo tse kgethehileng.


Bana ba Iseraele bohle le basadi bohle ba ithatetseng ho tlisa ntho tsa mosebetsi wohle oo Jehova a neng a laetse ka Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Jehova dikabelo tsa boithatelo.


Ba nka ho Moshe dikabelo tsohle tse abetsweng Jehova, tse tlisitsweng ke bana ba Iseraele ho etsa mesebetsi ya tshebeletso ya sehalalelo. Le jwale, ka ho rata, ba ne ba ntse ba tlisa dikabelo ka hosasa ho hong le ho hong.


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.


Hobane ba ithaopile ho ntsha ka matla a bona — teng ke paki — le ka ho fetisa matla.


E mong le e mong a ntshe kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ya hae; e seng ka ho swaba, leha e le ka ho kgannwa; hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos