Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 40:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 o ba tlotse, jwalokaha o tlotsitse ntata bona, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka; mme tlolo ya bona ho bona e tla ba boprista ba kamehla, melokong ya bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 O tla ba tlotsa jwalokaha o ile wa tlotsa ntata bona, mme ba tla ntshebeletsa e le baprista ba ka. Ho tlotsetswa boprista e tla ba ha mehla yohle, ho ya fihla ditloholong tsa bona.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 40:15
15 Referencias Cruzadas  

Jehova o hlapantse, a ke ke a kweneha; o itse: O moprista ka ho sa yeng kae, ka mokgwa wa Melkisedeke.


Letsatsi leo le tla nne le le hopole; le tle le le kgethele Jehova e be mokete; ebe mokete ka taelo e sa feleng, melokong ya lona.


o ntoo apesa Aarone, moholwane wa hao, hammoho le bara ba hae. O tla ba tlotsa, o ba hlwekise, o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


o ntoo tlama Aarone le bara ba hae ka dinyepa, o ba rwese dikatiba; boprista e tla ba ba bona ka taelo ya kamehla, mme o kgethe Aarone le bara ba hae jwalo.


O bolelle bana ba Iseraele, o re:


Mang le mang ya ka etsang ditlolo tse jwalo, kapa ya ka tlotsang moditjhaba ka tsona, a kgaolwe tjhabeng sa habo.


O atametse le bara ba hae, o ba apese dikojwana,


Moshe a etsa jwalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.


Yaba le re: Ke batlotsuwa ba babedi ba emeng pela Morena wa lefatshe lohle.


E tla ba ho yena le ho ditloholo tsa hae kamora hae selekane sa boprista bo sa feleng; hobane o bile a tjhesehela Modimo wa hae, mme o hlahiseditse bana ba Iseraele pheko.


ya se nang ntatae le mmae, ya se nang le leloko, leha e le qaleho ya ditshiu le qetello ya bophelo; empa e le ya entsweng ya tshwanang le Mora Modimo — e ya nne e sa le e le moprista ka ho sa feleng.


Athe ha ho motho ya ka hanang ha ho thwe, e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos