Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 39:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 ha etswa le moqhwele wa lene e ntle, le dikatiba tsa kgabiso tsa lene e ntle, le marikgwana a lene e ntle e lohilweng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 le katiba ka lesela le jwalo, le dituku tsa bokgabane ka lesela le jwalo, le marikgwe ka lesela le jwalo, le loehileng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 39:28
11 Referencias Cruzadas  

e be le lesoba la hlooho bohareng ba yona; mmenong wa lesoba e be le moqhaka o tshophilweng; lesoba leo le be jwaloka lesoba la seaparo sa bahlabani hore kobo e se ke ya taboha.


O tla etsa kojwana ya lene e ntle e lohilweng; hape, o tla etsa moqhwele wa lene e ntle e lohilweng, hape o etse senyepa se homilweng.


Mokgajwana, le efoda, le kobo, le kojwana e homilweng le moqhwele, le senyepa. Ba etsetse Aarone moholwane wa hao, le bara ba hae diaparo tse kgethehileng, ba tle ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


O tla etsetsa bara ba Aarone dikojwana, o ba etsetse le dinyepa le dikatiba tsa kganya le kgabiso;


O ba etsetse le marikgwana a lene ho apesa bofeela ba bona; a tla tloha lethekeng, a fihle diropeng.


Yaba ho etswa dikojwana tsa lene e ntle, tse lohilweng, e le tsa Aarone le bara ba hae;


le senyepa sa lene e ntle e lohilweng le purepera, le sekarelata, le krimsone, ka mokgwa wa mesebetsi e homilweng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


le mefapahlooho, le merutlwana, le dinyepa, le dikooma tsa ditlolo, le dithatho,


Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.


Ba tla rwala dikatiba tsa lene dihloohong tsa bona, ba tene marikgwana a lene mathekeng a bona; ba se ke ba tena se ka ba fufuletsang.


Moprista o tla apara kojwana ya hae ya lene; o tla apesa bofeela ba hae ka borikgwana ba lene, a ole molora wa setjheso se tjhesitsweng ka mollo aletareng, mme a o bee kathoko ho aletare.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos