Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 39:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba ho etswa dikojwana tsa lene e ntle, tse lohilweng, e le tsa Aarone le bara ba hae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Ba etsetsa Arone le bara ba hae diaparo tse fihlang maotong ka lesela la lene, le loehileng;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 39:27
14 Referencias Cruzadas  

O tla etsa le lebenyane la kgauta e hlwekileng, mme o tla ngola ho lona ka mokgwa wa tiiso ya mangolo taba e reng: Kgalalelo ho Jehova.


ha bewa kolokonyana le garanata, hape kolokonyana le garanata, melekeng ya kobo ka nqa tsohle, tsa ho etsa tshebetso, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


ha etswa le moqhwele wa lene e ntle, le dikatiba tsa kgabiso tsa lene e ntle, le marikgwana a lene e ntle e lohilweng;


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


Etlare ha ba kena ka menyako ya lebala le kahare, ba tla apara meaparo ya lene; ba se ke ba apara boya ha ba sebetsa menyakong ya lebala le kahare le ka tlung.


Ba tla rwala dikatiba tsa lene dihloohong tsa bona, ba tene marikgwana a lene mathekeng a bona; ba se ke ba tena se ka ba fufuletsang.


Moprista o tla apara kojwana ya hae ya lene; o tla apesa bofeela ba hae ka borikgwana ba lene, a ole molora wa setjheso se tjhesitsweng ka mollo aletareng, mme a o bee kathoko ho aletare.


Moshe a atametsa le bara ba Aarone; le bona a ba apesa dikojwana, a ba tlama ka dinyepa, mme a ba hokella dikatiba, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.


e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;


Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.


Jwale he lona, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le phele ka boitshwaro, le lete ka tshepo e tiyang mohau oo le tla o tlisetswa mohla Jesu Kreste a hlahang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos