Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 34:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ba batona ba lona ba hlahe hararo ka selemo pela Morena Jehova, Modimo wa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 “Hararo ka selemo, bohle ba lona ba batona ba tla hlaha kapele ho Morena Morena Modimo wa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 34:23
9 Referencias Cruzadas  

A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.


A haha aletare teng, a e rea El-Elohe-Iseraele (Modimo ke Modimo wa Iseraele).


ka tsatsi le leng le le leng a nna a hlabela ho yona tse laetsweng ke Moshe, tsa Disabatha, le tsa kgwedi tse thwasang, le tsa mekete e beilweng, hararo ka selemo, e leng mokete wa Mahobe a se nang ditomoso, le mokete wa Diveke, le mokete wa Metlotlwane.


Ha ba ntse ba tsamaya, ba ekeletswa matla, ho fihlela ba itlhahisa pela Modimo Sione.


O nketsetse mokete hararo ka selemo.


Hararo ka selemo, ba batona ba hao bohle ba tle ba hlahe pela Morena Jehova.


Haele setjhaba, ha se etla pela Jehova ka diphutheho tse mahlonoko tsa sona, ya tla kena ka tsela ya monyako o ka nqa leboya ho tla kgumama, o tla tswa ka tsela ya monyako o ka nqa borwa; mme ya tla kena ka tsela ya monyako o ka nqa borwa, o tla tswa ka tsela ya monyako o ka nqa leboya; ba se ke ba kgutla ka tsela ya monyako oo ba keneng ka wona, ba mpe ba tswe ka monyako o leng maloka le bona;


Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e kgetha, mohla mokete wa mahobe a sa lomoswang, le mohla mokete wa Diveke, le mohla mokete wa Metlotlwane: ba se ke ba itlhahisa pela Jehova ba le feela;


Monna eo o na a ye a tlohe motseng wa habo ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela le ho hlabela Jehova wa makgotla Silo. Ke moo bara ba Eli ba babedi, Hofni le Finease, e neng e le baprista ba Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos