Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 32:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Hobane Moshe o ne a itse: Ikgetheleng Jehova kajeno, leha e ka ba ho lwantsha e mong le e mong mora wa hae le ngwanabo, hore Modimo o tle o le hlohonolofatse kajeno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Yaba Moshe o re: “Kajeno le ikgethetse ho sebeletsa Morena, kaha motho ka mong a bolaile mora wa hae, a bolaile le ngwanabo, e le hore kajeno le tle le hlohonolofatswe.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 32:29
11 Referencias Cruzadas  

Hape, a re ho Balevi, ba rutang Baiseraele bohle, ba ikgalalleditseng Jehova: Beang areka e halalelang tlung e hahilweng ke Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele. Ha ho sa tla ba phahlo hodima mahetla a lona; jwale, sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Bara ba Levi ba etsa ka polelo ya Moshe, mme tsatsing leo ha eshwa batho ba batlileng ho etsa kete tse tharo hara setjhaba.


Ka hosasane, Moshe a re ho setjhaba: Le sitilwe ka tshito e kgolo; jwale, a nke ke nyolohele ho Jehova; mohlomong nka etsa pheko ya tshito ya lona.


Ho etsa ho hotle le ho lokileng ho kgahlisa Jehova, ho ena le sehlabelo.


Ha ho ka ba e mong ya sa ntseng a porofeta, ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla re ho yena: O ke ke wa phela, hobane o boletse leshano ka lebitso la Jehova! Mme ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla mo hlaba, ka baka la ho porofeta ha hae.


Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos