Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 30:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Etlare ha ba etla tenteng ya pokano, ba itlhatswe ka metsi, ba tle ba se ke ba eshwa; ba itlhatswe hape, ha ba atamela aletareng ho etsa tshebeletso, ho tjhesa sehlabelo se tjhesetswang Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Ha ba kena ka Tenteng ya Morena, ba hlape ka metsi ana, hore ba se ke ba eshwa. Leha ba atamela aletareng ho ya sebeletsa, ba etsetsa Morena sehlabelo sa setjheso,

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 30:20
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o halefela Ussa, a mmolaya, kahobane a isitse letsoho la he arekeng, mme a shwela hona moo pela Modimo.


Modimo o tshabeha mokgatlong o moholo wa bahalaledi, o tshajwa ke bohle ba o teelang hare.


Le tla ja bohobe bo se nang ditomoso ka matsatsi a supileng, le tlose ditomoso matlung a lona ka tsatsi la pele; hobane ya ka jang bohobe bo nang le ditomoso ho qala ka tsatsi la pele ho isa ho la bosupa, motho eo o tla kgaolwa Iseraeleng.


hore Aarone le bara ba hae ba tle ba itlhatswe matsoho le maoto teng.


Ba itlhatswe matsoho le maoto, ba tle ba se ke ba eshwa; hoo e tla ba taelo ya kamehla ho bona, ke re, ho Aarone le ditloholo tsa hae, melokong ya bona.


Moshe, le Aarone, le bara ba hae ba itlhatswa matsoho le maoto;


O tla ikapesa ka kojwana e kgethehileng ya lene, a tene mmeleng wa hae borikgwana ba lene, a itlame ka senyepa sa lene, a rwale lesela la lene hloohong; ke tsona diaparo tse kgethehileng, tseo a tlang ho ikapesa ka tsona, ha a se a hlatswitse mmele wa hae metsing.


Yaba Moshe o atametsa Aarone le bara ba hae, mme a ba hlatswa ka metsi, a apesa Aarone kojwana;


Yaba o se a wela maotong a hae, a eshwa. Bahlankana, eitse ha ba kena, ba mo fumana a se a shwele, mme ba ya mo epela ho monna wa hae.


Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ao, a wela fatshe, a shwa; mme bohle ba utlwileng taba tseo, ba tshwarwa ke tshabo e kgolo.


Feela, Jehova a otla banna ba Bethe-Shemeshe, kahobane ba kile ba nyarela ka arekeng ya Jehova; a otla batho ba mashome a supileng (le ba dikete tse mashome a mahlano), mme setjhaba sa lla, kahobane Jehova a otlile setjhaba ka kotlo e kgolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos