Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 30:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Morui a se ke a eketsa, mme mofutsana a se ke a fokotsa halofo ya shekele ka letho, ha ho ntshwa kabelo e newang Jehova, ho etsa topollo ya meya ya lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ha le ntshetsa Morena seabo se lopollang bophelo ba lona, morui a se ke a ntsha ho feta dikeramo tse hlano le halofo, le mofutsana a se ke a ntsha katlase ho dikeramo tse hlano le halofo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 30:15
12 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho ba Gibeone: Ke tla le etsetsang, kapa ke tla etsa pheko kang, hore le hlohonolofatse lefa la Jehova?


ya sa kgetheng tshobotsi ya baholo, ya sa rateng morui ho ena le mofumanehi; etswe bohle e le mosebetsi wa matsoho a hae?


Etlare ha o bala bana ba Iseraele ho tseba palo ya bona, e mong le e mong a tle a ntshetse moya wa hae topollo, pela Jehova, mohla ba balwang, hore ba se ke ba welwa ke bolwetse, mohla ba balwang.


Mang le mang ya balwang, ho tloha ho ya dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele, o tla ntsha kabelo e abelwang Jehova.


O nke tjhelete tsa topollo tse ntshwang ke bana ba Iseraele, o di ntshetse tshebeletso ya tente ya pokano; e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova, ha ho etsetswa meya ya lona topollo.


ya eba beka bakeng sa e mong le e mong, halofo ya shekele, ha ho uwa ka shekele ya sehalalelo, bakeng sa bohle ba badilweng, ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele, ba etsa dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro tse nang le makgolo a mahlano a mashome a mahlano.


Morui le mofumanehi ba kgahlana hammoho; ya ba entseng ba babedi ke Jehova.


Setjhaba sohle sa lefatshe se tla ntshetsa eo e leng morena Iseraeleng kabelo eo.


Hobane moya wa nama o mading. Ke le neile wona aletareng, a tle a etsetse meya ya lona pheko, hobane ke ka baka la moya madi a ka etsang pheko.


Re tliseditse Jehova nyehelo ya dintho tsa kgauta tseo e mong le e mong wa rona a di fumaneng, maqakatsa, le dipetja, le masale a menwana le a mmofa, le matjekwana, ho tle ho etsetswe meya ya rona pheko pela Jehova.


Le lona benghadi, le ba etse jwalo, mme le tlohele ho ba sokela, ka ho tseba hobane le wa lona Morena o teng mahodimong, le hobane ha a re letho ka tshobotsi ya motho.


Ya etsang bokgopo, o tla jara bokgopo boo a bo entseng; hape Modimo ha o ahlole ka tshobotsi ya batho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos