Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 28:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Aarone le bara ba hae ba ke ba a tene, ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela aletareng, ho phetha tshebeletso ya sehalalelo, ba tle ba se ke ba etsa molato, mme ba se ke ba eshwa; ke taelo e sa feleng, e neilweng yena le ditloholo tsa hae tse tla mo hlahlama.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

43 Arone le bara ba hae ba a tene ha ba kena ka Tenteng ya Morena, kapa ha ba atamela aletareng ho ya sebeletsa Sehalalelong. Ka mokgwa o jwalo ba ke ke ba jara molato, yaba ba a shwa. “Molao ona ke wa mehla yohle ho yena, le ho ditloholo tsa hae.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 28:43
18 Referencias Cruzadas  

O se ke wa hlwa aletareng ya ka ka methati hore bofeela ba hao bo se ke ba apoha teng.


Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.


Ba itlhatswe matsoho le maoto, ba tle ba se ke ba eshwa; hoo e tla ba taelo ya kamehla ho bona, ke re, ho Aarone le ditloholo tsa hae, melokong ya bona.


Etlare ha ba kena ka menyako ya lebala le kahare, ba tla apara meaparo ya lene; ba se ke ba apara boya ha ba sebetsa menyakong ya lebala le kahare le ka tlung.


O tla bea dibano hodima mollo pela Jehova, hore sesi sa dibano se aparele sekwahelo se kwahetseng bopaki, hore a se tlo shwa.


Ba se ke ba hlola ba hlabela diphooko tseo ba di latelang bootsweng ba tsona. Ke oo molao o sa feleng oo ba tlang ho ya ka wona melokong yohle ya bona.


Baprista ba se ke ba hlompholla dintho tse kgethehileng tsa bana ba Iseraele tseo ba di hlahisetsang Jehova ka tsokotso;


Ba boloke melao ya ka, e se be ba jara boima ba sebe sa bona, mme ba se ka ba eshwa, kahobane ba hlomphollotse dintho tse kgethehileng. Ke nna Jehova ya ba halaletsang.


Molao ona e tla ba wa kamehla melokong ya lona, kahohle moo le tla aha teng: Le se ke la ja mafura, leha e le madi.


Ekare ha motho, e leng paki e hlapatshitsweng ka molao, a entse sebe ka ho se bolele seo a se boneng ka mahlo, leha e le seo a se tsebang, o tla jara molato wa hae.


Ekare ha e mong a etsa sebe, a sa tsebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, o molato, mme o tla jara molato wa hae.


Molao o tla ba mong wa phutheho, wa lona le wa moditjhaba ya aheletseng hara lona; e be molao wa kamehla melokong ya lona; kamoo ho leng kateng bakeng sa lona, le bakeng sa modijhaba ho tla ba jwalo pela Jehova.


Bana ba Iseraele ba ke ke ba hlola ba atamela tente ya pokano, esere mohlomong ba ipakela molato, mme ba eshwa.


Le ke ke la bewa molato le o mong bakeng seo, mme etlere ha le nkile se leng molemo, le se ke la senya dikabelo tse kgethehileng tsa bana ba Iseraele, le tle le se tshohe le eshwa.


Jehova a re ho Aarone: Bona, ho ntho tsohle tse kgethwang ke bana ba Iseraele, ke o fa tseo ke di fuwang ka mokgwa wa kabelo; ke o fa tsona; ke di nea wena le bara ba hao e le ditokelo tsa botlotsuwa, ka molao o sa feleng.


Empa haele motho ya hlwekileng, ya seng leetong, ha a sa etse Paseka, motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo; kahobane a sa ka a hlahisa kabelo ya Jehova ka nako e beilweng, motho eo o tla jara sebe sa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos