Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 28:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 e be le lesoba la hlooho bohareng ba yona; mmenong wa lesoba e be le moqhaka o tshophilweng; lesoba leo le be jwaloka lesoba la seaparo sa bahlabani hore kobo e se ke ya taboha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Lesoba la ho se kgetshemetsa hloohong le tla ba hare ho sona, mme ho potoloha lesoba leo ho etswe lemeno le le phethang, le entsweng ke selohi. Lesoba leo le be jwaloka la molala wa baki ya mohlabani, hore le se ke la taboha.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 28:32
9 Referencias Cruzadas  

Osiase o ne a lokiseditse makgotla dithebe, le marumo, le diheleme, le ditshireletso tsa difuba, le diqha le matjeketjane.


Ho tloha tsatsing leo, ba bang ba bahlanka ba ka ba nna ba sebetsa mosebetsi, ba bang bona ba ema ba tshwere marumo, le dithebe, le diqha, le ditshireletso tsa sefuba; balaodi bona ba ne ba eme kamora bohle ba ntlo ya Juda.


Ha o ka e hlatha, tjhaka ha e kene; ha e re letho ka tsenene le lerumo le kwebe.


Kobo ya efoda o e etse kaofela ha yona ka purepera;


Melekeng ya yona o tla etsa mohomo wa digaranata tsa purepera le sekarelata, le krimsone o e potolohang melekeng ya yona; dipakeng tsa tsona kahohle o etse diklokonyana tsa kgauta;


lesoba la kobo le hare ho yona le ne le le jwaloka lesoba la seaparo sa bahlabani; mmenong wa lesoba ho ne ho ena le moqhaka o tshophilweng o potang kahohle, hore kobo e tle e se ke ya taboha.


ha etswa le moqhwele wa lene e ntle, le dikatiba tsa kgabiso tsa lene e ntle, le marikgwana a lene e ntle e lohilweng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos