Ho ne ho se letho arekeng, haese matlapa a mabedi, a neng a bewe teng ke Moshe, ha a le Horebe, mohla Jehova a tlabolang selekane le bana ba Iseraele, ha ba tswa tloha naheng ya Egepeta.
O tle o bee lesira tlasa dikgoketsane, mme hona teng, kahare ho lesira, o tla kenya areka ya bopaki, lesira lena le tla le arolela sehalalelo ho sehalaledisiso.
Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.
Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.
Yaba Moshe o a kgutla, a theoha thabeng, a ena le matlapa a mabedi a bopaki matsohong a hae; matlapa ao a ne a ngodilwe ka nqa tse pedi, a ngodilwe ka kwano le ka kwana.
Eitse ha Moshe a theoha thabeng ya Sinai, a theoha thabeng a tshwere matlapa a mabedi a bopaki matsohong a hae, mme o ne a sa tsebe hobane letlalo la sefahleho sa hae le a kganya, kahobane a ne a buile le Jehova.
Ke yona palo ya mesebetsi ya tabernakele, e leng tabernakele ya bopaki, e entsweng ka taelo ya Moshe; ya eba mosebetsi wa Balevi, ba laelwa ke Ithamare, mora Aarone, moprista.
Bontata rona ba ne ba na le tabernakele ya bopaki feelleng, kamoo ya buang le Moshe a neng a mo laetse kateng, ho e etsa ka setshwantsho seo a se boneng.
se neng se na le aletare ya dibano ya kgauta, le areka ya selekane e apesitsweng hohle ka kgauta, moo ho kenntsweng pitsa ya kgauta e tshetsweng manna, le thupa ya Aarone e thuntseng, le matlapa a selekane.