Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 25:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O e etsetse mejaro ya sefate sa leoka, mme o e manehe ka kgauta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ka dithupa tsa sefate sa mositsane o etse mefeng e jarang, o e manehe kgauta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 25:13
14 Referencias Cruzadas  

Mejaro e ne e le bolelele boo dintlha tsa mejaro di neng di bonahala sehalalelong se pela sehalaledisiso, e mpa e sa bonwe ke ba kantle; e sa le hona teng le kajeno.


Bara ba Balevi ba jara areka ya Modimo mahetleng a bona ka dithupa tse ho yona, jwalokaha Moshe a ne a laetse, ka polelo ya Jehova.


O e tshollele mehwele e mene ya kgauta eo o tla e bea dintlheng tse nne tsa yona: mehwele e mmedi e be lehlakoreng le leng la yona, e meng mehwele e mmedi e be lehlakoreng le leng la yona.


O ntoo kenya mejaro mehweleng, mahlakoreng a areka, ho jara areka ka yona.


O tla etsa mejaro ya sefate sa leoka, o e manehe ka kgauta, mme tafole e tla jarwa ka mejaro.


le matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, matlalo a diqibi le difate tsa leoka;


O tla etsetsa aletare mejaro, mejaro ya sefate sa leoka, mme o e manehe ka koporo.


O etse mejaro ya sefate sa leoka, o e manehe ka kgauta.


Ha etswa mejaro ya sefate sa leoka, ya manehwa ka kgauta;


Jwale, a nka bopaki, a bo kenya arekeng; a kenya mejaro arekeng; a ntoo bea sekwahelo hodima areka.


Hodima aletare ya kgauta, ba tla ala lesela la purepera, ba e kwahele ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba tla kenya mejaro ho yona.


Kahodima yona, ba tla bea dintho tsohle tsa tshebetso ya yona, e leng dipitsa tsa dibano, le difereko, le dikgarashwana, le mehope ya dinwelo, le mesebetsi yohle ya aletare; ba tla ala kahodimo sekgurumetso sa matlalo a diqibi, ba kenye ho yona mejaro.


ba tla bea hodima yona sekgurumetso sa matlalo a diqibi, kahodimo ba tla ala lesela la purepera kahohle, mme ba tla kenya arekeng mejaro ya yona.


Hodima ntho tseo tsohle, ba tla ala lesela le krimsone, ba ntoo e kwahela ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba tla kenya ho yona mejaro ya yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios