3 Ba howa kgotla, pela dikgoro tsa motse, le hara mapatlelo;
3 Bo howeletsa bo le kgorong tsa motse, bo howeletsa bo le monyako wa motse:
Enere ha ke tswela kgorong ya motse, ke ne ke bea setulo sa ka lebaleng la yona;
bo howa mabaleng a marata, pela menyako ya motse; bo tumisa ditaba tsa bona hara motse,
bo re: Helang! batho ba baholo, ke bitsa lona, mme lentswe la ka le batla lona, bana ba batho.
Jwale, ikeleng mateonong a ditsela, mme le biletse bohading bohle bao le ba fumanang.
Jesu a mo araba, a re: Ke buile le batho bohle pepeneneng, ka bua sinagogeng le tempeleng kamehla yohle, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng; ha ke a ka ka bolela letho sephiring.
Eyang, le eme tempeleng, le bolelle setjhaba ditaba tsohle tsa bophelo bona.