Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diproverbia 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ntate o ne a nthuta, a re ho nna: Pelo ya hao e boloke dipolelo tsa ka hantle, o lotolotse dikeletso tsa me, mme o tla phela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 ntate a na nthuta, a re: “Polelo tsa ka di se tlohe pelong ya hao, boloka taelo tsa ka o tle o phele.

Ver Capítulo Copiar




Diproverbia 4:4
22 Referencias Cruzadas  

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


Ke boloka lentswe la hao ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Ho loka ha dikeletso tsa hao ke ho sa feleng; u mphe kutlwisiso, ke tle ke phele!


Ke ntse ke etsa ka ditemoso le ka dikeletso tsa hao, hobane metsamao ya ka kaofela e pela mahlo a hao.


Ruta mohlankana tsela eo a tshwanetseng ho e tsamaya; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kgeloha.


Ngwana ka, mphe pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe ke tsela tsa ka.


Mora wa ka, o se ke wa lebala thuto tsa ka, pelo ya hao e ke e boloke dikeletso tsa me;


mme o tla ekelletswa ke tsona ditshiu, le dilemo, le ho phela, le kgotso.


O lotolotse dikeletso tsa ka, mme o tla phela; o boloke dithuto tsa ka jwaloka thaka tsa mahlo a hao.


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


Jeremia a mo araba, a re: O ke ke wa neelwa matsohong a bona. O mpe o mamele lentswe la Jehova, lona leo ke o bolellang lona, mme ho tla ba molemo ho wena, moya wa hao o phele.


Mme ke a tseba hobane taelo ya hae ke bophelo bo sa feleng; mme jwale, seo ke se bolelang, ke se bolela jwalokaha Ntate a mpoleletse sona.


Mme lona bontata bana, le se ke la halefisa bana ba lona; le mpe le ba hodise ka ho ba laya le ka ho ba rutela Moreneng.


Feela, iponele, mme o lebele moya wa hao haholo, o tle o se ke wa lebala ditaba tseo mahlo a hao a di boneng, mme di se ke tsa tswa pelong ya hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, o di phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.


Ditaelo tseo ke o laelang tsona kajeno, di be pelong ya hao.


ke hopola le yona tumelo ya hao e se nang boiketsiso, eo pele e bileng ho Loise, nkgonao, le ho Eunise, mmao; mme le wena ke kgolwa ruri hoba e ho wena.


etswe le bonyenyaneng ba hao o hlile wa tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho o hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho dumela ho Jesu Kreste.


Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,


Manowa a re: Etlare hobane seo o se boletseng se etsahale, molao o tlang ho busa ngwana e tla ba ofe, mosebetsi wa hae e tla ba ofe na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos