1 Bana ba ka, mamelang thuto ya ntata lona, le e nahane, le tle le fihlele kelello.
1 Bana, mamelang thuto, thuto ya ntata lona, le e ele hloko, e tle le ruise kutlwisiso.
Phuthanang, le mamele, lona bara ba Jakobo, mamelang ntata lona Iseraele.
Tloong, lona bara ba ka, le mmamele; ke tla le ruta ho tshaba Jehova.
tsa ho ruta bohlale le tayo, ho hlahlisa dipuo tse maele,
Mora wa ka, mamela thuto ya ntatao, o se ke wa furalla tayo ya mmao;
Ngwana ya bohlale o hlokomela thuto ya ntatae; empa mosomi ha a ele tayo sedi.
Mamela keletso, o amohele tayo, o tle o hlalefe isao.
Sekeha tsebe, o mamele dipolelo tsa ba bohlale, o neele pelo ya hao tsebo ya ka.
Mora wa ka, o ele bohlale ba ka hloko, o sekehele thuto ya ka tsebe;
Bolella bohlale, o re: O ngwaneso, mme masene o a bitse motswalle wa hao,
Re entse ka lentswe la Jonadabe, mora Rekabe, ntata rona moholo, dinthong tsohle tseo a re laetseng tsona, ha a itse, re se ke ra nwa veine ka ditshiu tsohle tsa rona, rona le basadi ba rona, le bara ba rona, le baradi ba rona;
Ka baka leo, e ka kgona re ele ka ho fetisisa ditaba tseo re di utlwileng hloko, esebe ra suthela hole le tsona.