Eitse ha ke sekeha pelo ya ka hore ke tsebe bohlale, mme ke nahana mesebetsi e etswang lefatsheng, ke sa nee mahlo a ka boroko motshehare, leha e le bosiu,
Ke di bone kaofela tseo, ha ke ne ke ntse ke nahana mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi, le kamoo batho ba renang hodima ba bang kateng ho ba etsa hampe.
Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.
Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?