Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diproverbia 13:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ya itebelang molomo o boloka moya wa hae; empa ya ntseng a bua haholo o tla wela timelong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ya tshwarang leme la hae o baballa bophelo ba hae, ya phasolohang feela yena o tla timela,

Ver Capítulo Copiar




Diproverbia 13:3
18 Referencias Cruzadas  

Jehova, bea selebedi pela molomo wa ka, o lebele monyako wa melomo ya ka!


tshabisa leleme la hao bolotsana, o phemise melomo ya hao dipolelo tsa ho thetsa;


Ke ne ke itse: Ke tla fadimehela ditsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong wa ka, ha e mobe a sa ntse a le pela ka.


Ba hlalefileng ba ipokellela tsebo, empa molomo wa mawatla o fehla tshenyeho.


Dipolelong tse ngata, tshito ha e hlokwe; ka baka leo, ya itshwarang molomo o bohlale.


Motho ya pelo e hlalefileng o utlwa keletso, empa ya beberang tsa bosawana o tla dihelwa.


E mobe o tshwaswa ke molato wa melomo ya hae, empa ya lokileng o tla tswa tsietsing.


Pelo ya sekgoba e lakatsa kamehla, leha ho le jwalo, ha se rue letho; empa moya wa sekgothadi o a nona.


Molomong wa lewatla, ho na le thupa e otlang boikgohomoso ba lona; empa ba bohlale ba bolokwa ke melomo ya bona.


Lefu le bophelo di matleng a leleme; ba le ratang ba tla ja tholwana tsa lona.


Molomo wa lehlanya ke tshenyeho ya lona, leleme la lona ke sefi ho moya wa lona.


Mosebi ya tsamayang a seba, o phunya makunutu; ha ho le jwalo, tshaba ho tlwaelana le ya ntseng a ahlamisa melomo ya hae.


Ya ipolokang molomo le leleme o tshabisa moya wa hae mahlomola.


Ekare ha e mong hara lona a lekanya hoba o na le borapedi, mme a sa tlame leleme la hae, a mpa a ithetsa pelo, borapedi ba motho eo ke ba lefeela.


A re ho yena: Ha nka tlangwa ka thata ka mehala e metjha e esong ho sebetse letho, nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.


Yaba o mmolella tsohle tse ka pelong ya hae, a re ho yena: Lehare ha le eso ho ka le mpeola hlooho, hobane ke monasari wa Modimo, haesale popelong ya mme; ha nka beolwa, ke hona matla a ka a ka ntlohelang, mme nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos