Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diproverbia 11:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bokgabane ba ba lokileng bo tla ba tsamaisa; empa bokgopo ba ba babe bo tla ba timetsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ba tshepahalang ba tataiswa ke botshepehi ba bona, ba sa tshepahaleng bona ba timela, ba timetswa ke ho se tshepahale ha bona.

Ver Capítulo Copiar




Diproverbia 11:3
13 Referencias Cruzadas  

Bokgabane le ho loka a di ke di ntiise, hobane ke o tshepile.


Nkahlolele, Jehova! hobane ke phela ka toka ya ka; ke itshepetse Jehova, ha ke sisinyehe.


Ho loka ha motho ya lokileng ho tla mo hlekela tsela, empa e mobe o tla dihelwa ke bobe ba hae.


Ho loka ho boloka ya lokileng tseleng tsa hae; empa bokgopo bo dihela moetsadibe.


Bowatla ba motho bo mo kgelosa tsela, eba pelo ya hae e hlonamela Jehova!


Empa ba babe ba tla kgaolwa hodima lefatshe, ba lonya ba fotholwe ho lona.


Ho senya ha baetsadibe ho tla ba kuka, hobane ba hana ho etsa ho lokileng.


Mahlo a Jehova a fadimehela tsebo, empa o fedisa ditaba tsa mothetsi.


Ya tsamayang ho lokeng o tla bolokeha; empa ya kgopo, ya yang ka tsela tse pedi, o tla wela ho e nngwe.


O se ke wa iketsa e mobe ka ho fetisisa, o se ke wa ipea lewatla; hobane ke ha o ne o tla shwelang, e eso ho be nako ya hao?


Empa bahanyetsi le baetsadibe ba tla thuhwa hammoho, ba kwenehetseng Jehova ba ya timela.


Ba bolaya marena a Midiane; boEvi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, marena a mahlano a Midiane, le yena Balaame, mora Beore, ba mmolaya ka lerumo.


Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba thuto hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios