Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diproverbia 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jehova a ke ke a tlohella motho ya lokileng tlala; empa tse labalabelwang ke e mobe, o mo hlakola tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ba lokileng Morena ha a ba bolaise tlala, takatso tsa ya kgopo o a di nyopisa.

Ver Capítulo Copiar




Diproverbia 10:3
23 Referencias Cruzadas  

O lelerela bohobe, o re: Bo kae? O tseba hobane tshiu e ntsho e mo atametse.


Maruo a ntlo ya hae a tla timela, a tla feta ka letsatsi la kgalefo ya Modimo.


Tlaleng o ya o boloka, o se ke wa shwa, ntweng a o pholose bohaleng ba lerumo.


Athe o a bona; hobane o tadima hlokofalo le matshwenyeho, mme o di ngola letsohong la hao. Ya madimabe o itshepetse wena; esale o le moemedi wa kgutsana.


E mobe o tla bona hoo, a hlokofale ke hona; o tla tsikitlanya meno, a omelle. Ditakatso tsa ba babe di tla etswa lefeela.


ho holla meya ya bona lefung le ho ba phedisa mehleng ya tlala.


ba ke ke ba swaba matsatsing a mabe, ba ya nne ba kgore ka matsatsi a tlala.


Nkile ka ba motjha, mme jwale ke tsofetse; empa ha ke eso ho bone ya lokileng a tlohelwa, leha e le ditloholo tsa hae di sikila bohobe;


O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.


Motho ya lokileng o a ja, a kgore hantle; haele dimpa tsa ba babe, di tla lapa.


Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.


Moya o ikgohomosang o butswela dikgang; empa ya tshepang Jehova o tla kgora.


Ya fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utlwa, esita le thapelo ya hae e manyala.


Ke yena ya tla aha nqalong tse phahameng, ditshabelo tsa hae e tla ba diqhobosheane tse theilweng mafikeng. O tla fuwa bohobe ba hae, metsi a hae a ke ke a epsha.


Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.


le mpe le batle mmuso wa Modimo pele, mme ntho tseo kaofela le tla di ekeletswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos