Re entse ka lentswe la Jonadabe, mora Rekabe, ntata rona moholo, dinthong tsohle tseo a re laetseng tsona, ha a itse, re se ke ra nwa veine ka ditshiu tsohle tsa rona, rona le basadi ba rona, le bara ba rona, le baradi ba rona;
Yaba o tlisetswa motho ya omeletseng ditho, a rapaletse diphateng; Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya omeletseng ditho: Beta pelo, ngwana ka, dibe tsa hao o di tshwaretswe.
ke hopola le yona tumelo ya hao e se nang boiketsiso, eo pele e bileng ho Loise, nkgonao, le ho Eunise, mmao; mme le wena ke kgolwa ruri hoba e ho wena.
Ha motho e mong a sitelwa e mong, Modimo o tla mo ahlola; empa ha motho a sitelwa Jehova, o tla rapellwa ke mang? Leha ho le jwalo, ba se ke ba utlwa lentswe la ntata bona, hobane Jehova o ne a se a hopotse ho ba timetsa.