Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diproverbia 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ya bohlale a utlwe, mme o tla eketsa tsebo; ya hlalefileng le yena o tla ithuela masene,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ya bohlale a a mamele, a eketse tsebo le kutlwisiso, ya nang le kutlwisiso a fumane tataiso,

Ver Capítulo Copiar




Diproverbia 1:5
18 Referencias Cruzadas  

A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.


Lona, banna ba kutlwisiso, nkutlweng. Modimo o ke ke wa etsa bobe le ho leka; Ya matla wohle ha ho kamoo a ka etsang bokgopo kateng!


Jwale, ha ekaba o ena le kutlwisiso, mamela taba ena, o ele lentswe la dipolelo tsa ka hloko.


Lona banna ba bohlale, utlwang taba tsa ka! Ntshekeheleng ditsebe, lona banna ba ditaba!


Banna ba kutlwisiso ba tla bolela jwaloka nna, le motho ya bohlale ya mmametseng o tla re:


Ya ratang tayo o rata tsebo; haele ya hloileng kgalemelo, ke sethoto.


Monyefodi o batla bohlale, empa ha a bo fumane; athe tsebo e fumanwa ka bonolo ke ya masene.


Pelo ya motho ya nang le kelello e rua tsebo, tsebe tsa ba bohlale di sela yona.


Otla mosomi, mme sethoto se tla hlalefa; o laye motho ya kelello, o tla rua tsebo.


Ha ho lefiswa mosomi, sethoto se a hlalefa; ha ho rutwa motho ya kelello, yena o amohela tsebo.


Mamelang thuto, le tle le hlalefe, le se ke la e kgeloha.


O se ke wa laya mosomi, esere mohlomong a o hloya; o laye mohlalefi, yena o tla o rata.


Ruta ya nang le kelello, o tla eketsa ho hlalefa. O rute ya lokileng, o tla ekelletswa tsebo.


Ke lemohile, mme ke bone tlasa letsatsi hoba peisong ya lebelo ha a siye ba bang kamehla, ntwa hase ya diqhenqha kamehla, bohobe hase jwa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kello kamehla, le ho ratwa hase ha batsebi kamehla, empa bohle ba hlahelwa ke nako le sebaka sa ntho tseo.


Ke bua le lona kaha le le batho ba nang le kelello; ikahloleleng seo ke se bolelang.


Di bolokeng, le etse ka tsona, hobane ke tsona tseo e tla ba bohlale ba lona, le kelello ya lona pela ditjhaba tse tlang ho utlwa melao ena kaofela; di tla re: Tjhaba seno se seholo, ruri ke setjhaba se hlalefileng, se nang le kelello.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios