2 Jehova o moholo Sione, o phahametse ditjhaba kaofela.
2 Morena o moholo, Sione, o okametse ditjhaba tsohle.
Jehova o phahamile kahodimo ho ditjhaba kaofela, le kganya ya hae e kahodimo ho mahodimo.
O beile ditjhaba katlasa rona, le merabe katlasa maoto a rona;
Modimo o rena hodima ditjhaba; Modimo o dutse teroneng e halalelang ya wona.
Sione, botleng bo phethehileng, Modimo o bonahatsa kganya ya wona;
Ka matla a wona o ntse o busa ka ho sa yeng kae; mahlo a wona a fadimeha hodima ditjhaba; bakwenehi ba se ke ba ikgodisa. (Sela.)
Hobane, Jehova o Mookamedi ya phahameng, ya renang hodima lefatshe lohle; o phahamile haholoholo ho fetisa medimo kaofela.
Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele.
Ho tla thweng ho ba romilweng ke setjhaba? Ho tla thwe: Jehova o theile Sione, ba madimabe ba setjhaba sa hae ba tshabetse teng.
Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.