Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 92:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ho bolela mohau wa hao ka meso, le bokgabane ba hao ka masiu wohle,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ke hantle ho boka Morena, ho roka lebitso la hao, wena Ya Hodimodimo,

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 92:2
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida le balaodi ba makgotla ba kgetha bara ba bang ba Asafe, le ba Hemane, le ba Jeduthune, ba tle ba porofete ba ithusa ka diharepa le diviole le disimbala. Ke ena palo ya banna ba kentsweng mosebetsing wa tshebetso eo ya bona:


Empa ha ho ya botsang, a re: Modimo, Mmopi wa ka, o kae,


Ke tla bina mohau le kahlolo; ke tla binela wena, Jehova. Ke tla ela tsela e se nang molato hloko ... O tla tla neng ho nna?


Ke tla o boka ka matsatsi wohle, ke rorise lebitso la hao kamehla le mehla, le ka ho sa feleng.


Rorisang Jehova, hobane ho hotle ho roka Modimo wa rona; e, ke ntho e monate; thoko e a mo tshwanela.


Leha ho le jwalo Jehova o tla ntshitsa motshehare ka mohau wa hae, mme bosiu thoko ya hae e tla ba molomong wa ka, ke rapele Modimo wa bophelo ba ka.


Molomo wa ka o tla bolela ho loka ha hao le poloko ya hao ka matsatsi wohle, hobane ha ke tsebe palo ya ditshitso tsa hao.


Ka letsatsi la ka la matswalo ke batla Morena, ka bosiu matsoho a ka a otlolohile, a sa kgathale; moya wa ka o hana tshediso.


Dira ho nna di suthela morao, di a thekesela, di timela pela hao!


Ke tla bina mehauhelo ya Jehova le dithoko tsa Jehova hodima tsohle tseo Jehova a di entseng bakeng sa rona, le hodima lereko le leholo leo a rekolohetseng ntlo ya Iseraele ka lona, leo a ba etseditseng lona ka mohau wa hae le ka boholo ba mehauhelo ya hae.


Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.


Empa bosiu bo boholo, Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela; mme ba kwaletsweng le bona ba ne ba ba mamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos