Hobane ho nthorela ha hao, le boithoriso ba hao, bo nyolohetse tsebeng tsa ka, ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye le tomo ya ka ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.
O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse mang mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele!
Hobane ho nthorela ha hao le boithoriso ba hao, bo nyolohetse ditsebeng tsa ka; ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye tomo ya ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.
Jwale, Pilato ha a bona hobane ha a thuse letho, le hoba moferefere o ntse o tota, a nka metsi, a hatlela pontsheng ho bongata, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; ho iponele lona.
Empa Bajuda ba sa dumelang ba eba mona, mme ba tla le banna ba bang ba bolotsana, ba thotsweng mapatlelong, ba iketsa sehlopha, ba ferekanya motse; ba patela ntlo ya Jasone, mme ba batla Pauluse le Silase, ho ba isa pela setjhaba.
Moferefere ha o tota, molaodi wa sekete a tshaba hore ba tla harola Pauluse, mme a laela bahlabani hore ba theohele, ba mo hlwibile hara bona, le ho mo kgutlisetsa qhobosheaneng.
Bamidiane ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele; mme ha ba ka ba hlola ba emisa dihlooho tsa bona. Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane mehleng ya Gideone.