Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 70:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A ba ke ba apeswe ke dihlong, le ke maswabi, bona ba batlang bophelo ba ka! a ba ke ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona bohle ba ratang tshenyeho ya ka!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Oho, Modimo, ako ntopolle; oho, Morena, ako potlakele ho nthusa.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 70:2
13 Referencias Cruzadas  

Bahanyetsi ba ka ba tla apeswa ka dihlong, mme kgoboho ya bona e ba kgathumetse jwaloka kobo.


Jehova, ke bitsa ho wena, o phakise ho tla nthusa! o sekehele lentswe la ka tsebe, ha ke bitsa ho wena!


Ke dikilwe ke dipoho tse ngata, dipoho tse bohale tsa Bashane di nkopetse.


O lwele bophelo ba ka lerumong, ke bona feela bo setseng ho nna, o bo lwele marong a dintja.


A ba ke ba hlabiswe ke dihlong, ba tsielehe bona bohle ba thabelang tsietsi ya ka! Baikakasi ba ntwantshang a ba apeswe ke dihlong le nyediso!


Tshwabo le dihlong di ke di apese ba batlang moya wa ka, ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona ba rerileng tshenyeho ya ka.


A ba ke ba apeswe hammoho ke dihlong le ke maswabi, bona ba batlang bophelo ba ka, ho nkamoha bona! A ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona bohle ba ratang tshenyeho ya ka!


Dira tsa ka kaofela di tla swaba, di tshwarwe ke thothomelo e kgolo; di tla sutha, di be di tsielehe hang.


Oho Modimo, o se be hole le nna! Modimo wa ka, o phakise ho tla nthusa!


A di ke di swabiswe, di fele, dira tsa moya wa ka tse batlang tahleho ya ka, di ke di apeswe ke dihlong le nyediso!


Ka baka leo, lentswe la Jehova le tla fihla ho bona, e le molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo, hanyenyane mona, honyenyane mono, hore ha ba tsamaya ba we ka dietse, ba robehe, ba wele sefing, ba tshwaswe.


Bona, ba tla swaba, ba hlabiswe dihlong, bao e leng dira ho wena; ba o lwantshang ba tla ba jwaloka eka ba siyo, ba fele.


Eitse hobane a ba bolelle, a re: Ke nna enwa, ba sutha kasanthao, ba wela fatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos