Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 69:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba ntlhoileng feela ba bangata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka; bao e leng dira ho nna feela, ba ratang ba ka mpolaya, ba matla haholo; ke lefiswa le seo ke sa se utswang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ke kgathetse ke ho meketsa, ke se ke tjhele lentswe; mahlo a ka a se a fifetse ke ho nna ke lebella Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 69:4
14 Referencias Cruzadas  

O se ke wa lesa ba ikentseng dira ho nna ka bolotsana hore ba thabe ka nna, ba se ke ba nyekotsa ka mahlo ka ho ntlhoya feela!


Hobane ke teetswe hare ke dimpe tse sa balweng; ditlolo tsa ka di ntshwere, ke tshaba ho di bona; di ngata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka, ke fellwa ke pelo.


Bona, ba tjhehetse bophelo ba ka maraba, Jehova; banna ba bohale ba nkopanetse, ke se na molato, leha e le sebe.


Mahlo a ka a fela ke mahlomola, a monyela ka baka la bohle ba ntlhorisang.


Empa e le hore lentswe le ngodilweng molaong wa bona le etsahale, le reng: Ba ntlhoile feela.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


yena ya sa kang a etsa sebe, mme le thetso ha e a ka ya fumanwa molomong wa hae;


yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos