Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 48:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Oho Modimo, re hopola mohau wa hao, ha re le tempeleng ya hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Seo re se utlwileng re bile re se bone motseng wa Morena wa mabotho, motseng wa Modimo wa rona, oo Modimo a o tiisitseng ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 48:9
14 Referencias Cruzadas  

a re ho morena: Seo ke neng ke se utlwile naheng ya ka sa taba tsa hao le bohlale ba hao, e ne e le nnete.


Empa ha ke a ka ka dumela, ho fihlela ke ba ke etla, ke bona ka mahlo a ka; bona, ha ke a ka ka bolellwa le halofo; bohlale ba hao le letlotlo la hao di fetisa botumo boo ke bo utlwileng.


Nahano ya ka a e ke e o kgahlise. Ke tla etsa Jehova thabo ya ka.


Hobane mohau wa hao o pela mahlo a ka, mme ke latela nnete ya hao.


Ha ke pate ho loka ha hao hara pelo ya ka, ke bolela botshepehi ba hao le poloko ya hao; ha ke a ka ka lobela phutheho e kgolo mohau wa hao le nnete ya hao.


Bakeng sa Sione ho tla thwe: E mong le e mong o tswaletswe teng. Mookamedi ya phahameng ke yena ka sebele ya o tiisang.


O nkgule, mme re tla phalla kamora hao. Morena o ntlisitse dikamoreng tsa hae. Re tla thaba, re nyakallele wena, re rorise lerato la hao le fetisang veine. Ba o rata ka lerato la nnete.


Jehova, re o lebeletse ke hona tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le kgopotso ya hao ke tseo meya ya rona e di lakatsang.


Kgohlo yohle ya ditopo le ya molora, le sebaka kaofela ho isa molatswaneng wa Kedrone ho fihla koung ya monyako wa Dipere, ka nqa botjhabela, e tla ba tse kgethetsweng Jehova; ha ho sa tla ripitlwa, ha ho sa tla senngwa le ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos