Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 10:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ya madimabe o hloreha ke boikgohomoso ba bakgopo, o tshwaswa marabeng a lohilweng ke bona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ya kgopo o a ikgantsha, o befetse ya hlophehileng; a ke a tshwaswe ke mano ao a a lohileng.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 10:2
18 Referencias Cruzadas  

Hobane ha a ka a hopola ho etsa ka mohau; empa o hlorisitse motho ya madimabe, le ya lesitsi, le mohlomohi, a tle a tlose bophelo ba bona.


o emele mohlanka wa hao ho mmoloka! Baikakasi ba se ke ba ntuba!


Oho! metsamao ya ka a e ke e tiiswe, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao,


Baikakasi ba nketselletsa ka leshano; empa nna, ke boloka ditemoso tsa hao ka pelo ya ka yohle.


Baikgohomosi ba ntjhekela mamena, e leng ba sa yeng ka molao wa hao.


Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)


O mumufatse melomo ya leshano, e bolelang dipolelo tsa bohata ka boikgohomoso le ka nyefolo hodima ya lokileng!


Leoto la boikgohomoso le se ke la nkgatakela, letsoho la ba babe le se ke la mpalehisa!


Ka mantswe wohle a melomo ya bona ho tswa dibe. A ba ke ba tshwaswe sefing sa boikgohomoso ba bona! Ba bolela mahlapa le mashano feela.


Bolotsana ba hae bo tla wela hodima hlooho ya hae, bokgopo ba hae bo wele phatleng ya hae.


Jwale, ke a tseba hobane Jehova o moholo ho medimo e meng kaofela, hobane o ba hlotse tabeng eo ba neng ba ikgantshitse ka yona.


Ekare ha o sa ntse o ikgantsha ka setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla,


Molotsana o tla tshwaswa ke makgopo a hae, a bofjwe ka marapo a dibe tsa hae.


O ne o re pelong ya hao: Ke tla hlwella lehodimong, ke bee terone ya ka kahodima dinaledi tsa Modimo, ke dule thabeng ya phutheho pheletsong ya leboya;


Ba o bonang ba nyarela ho wena, ba o tadimisisa haufi, ba re: Na ke eo monna ya neng a sisinya lefatshe, ya neng a thetheretsa mebuso ya lona,


Asaria, mora Hosea, le Johanane, mora Karea, le batho ba baikgohomosi kaofela, ba bolella Jeremia, ba re: O bolela leshano; Jehova, Modimo wa rona, ha a ka a o roma, hore o re: Le se ke la ya Egepeta ho aha teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos