Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 8:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Monna ya bitswang Simone o ba a se a le teng, ya etsang bonohe motseng oo; o ne a thetsa setjhaba sa Samaria, ka ho ipolela hore ke motho e moholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Monna e mong ya bitswang Simone, ya neng a se a ntse a le motseng oo e le senohe, a makatsa batho ba Samaria, a ipolela hore yena ke mangmang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Jwale ho ne ho ena le monna e mong, ya bitswang Simone, eo pele a neng a etsa bonohe motseng oo, a kgelosa setjhaba sa Samaria, a re ke motho e moholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Jwale ho ne ho ena le monna e mong, ya bitswang Simone, eo pele a neng a etsa bonohe motseng oo, a kgelosa setjhaba sa Samaria, a re ke motho e moholo.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 8:9
20 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o bitsa dingaka le baupelli, mme le bona, ka ha e ne e le bahlalefi ba Egepeta, ba etsa jwaloka boupelli ba bona.


Dingaka tsa Egepeta tsa etsa jwalo le tsona ka boupelli ba tsona; mme pelo ya Faro ya thatafala hore a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Dingaka tsa sitwa ho ema pela Moshe ka baka la dithopane; hobane dingaka le Baegepeta bohle ba ne ba tswile dithopane.


Ekare ha motho a kgelohela ho ba bitsang bafu, le ho dinohe, ho ya boka le bona, motho eo ke tla mo tjamela, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.


Ya iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ya hae; empa ya batlang thoriso ya ya mo romileng, ke yena e leng wa nnete, mme bokgopo ha bo yo ho yena.


Yare ha ba tsamaile sehlekehlekeng ho ya fihla Pafose, ba fihlela monna wa senohe, moporofeta ya leshano wa Mojuda, lebitso la hae e le Bare-Jesu.


Empa Elimase — ke ho re, senohe, ha lebitso la hae le fetolwa — a ba hanyetsa, a leka ho kgelosa mmusisi tumelong.


Hobane kgajana ho ile ha hlaha Theudase, a ipolela hore ke motho e moholo; a latelwa ke batho ba batlileng ho ba makgolo a mane; a mpa a bolawa; mme bohle ba kgotsweng ke yena ba fatakanngwa, ba fela.


Ba ne ba mo kgomarela jwalo, kahobane, ka nako e teletsana, a ne a ba makaditse ka bonohe ba hae.


ya hanang, ya iphahamisang hodima hohle ho bitswang Modimo, leha e le ho kgumamelwang, mme o tla dula jwaloka Modimo tempeleng ya Modimo, a ipeile Modimo.


Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefodi, le ba sa utlweng batswadi ba bona, ba hlokang teboho le borapedi;


ba tla ba le sebopeho sa borapedi, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba jwalo o ba furalle.


Hobane ka ho bolela ditaba tsa boikgantsho le tsa lefeela, ba tjhatjhehisa ka ditakatso tsa nama le ka bohlola batho ba sa tswa furalla ba itsamaelang leshanong;


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos