Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 4:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Eitse hobane ba emise baapostola hara bona, ba ba botsa, ba re: Le entse hoo ka matla afe, kapa ka lebitso lefe na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Yare hoba ba emise baapostola kapele ho lekgotla, ba ba botsa, ba re: “Hoo le ho entse ka matla afe, kapa ka lebitso lefe?”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Ba ba bea hara bona, ba botsa, ba re: Taba eo le e entse ka matla afe, kapa ka lebitso lefe?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ba ba bea hara bona, ba botsa, ba re: Taba eo le e entse ka matla afe, kapa ka lebitso lefe?

Ver Capítulo Copiar




Diketso 4:7
12 Referencias Cruzadas  

Eo a re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Na o rata ho mpolaya, jwalokaha o bolaile Moegepeta na? Yaba Moshe o a tshoha, a re: Ruri taba eo e a tsejwa.


Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang?


ba re ho yena: Ntho tseo o di etsa ka matla afe na? Matla ao o a neilwe ke mang, ha o etsa ntho tseo?


Yaba Bajuda ba bua, ba re ho yena: O ya re bontsha pontsho efe, haele moo o etsa tse jwalo?


Yaba bangodi le bafarisi ba mo tlisetsa mosadi ya tshwerweng a boka; mme ha ba mmeile hare,


Eitse hobane ba utlwe polelo eo, ba kgalemelwa ke matswalo a bona, mme ba tswa ba salane morao, ho qala ka ba baholo ho qetella ka ba morao; mme Jesu a siuwa a nnotshi, mosadi a ntse a eme hare.


ho ke ho tsejwe ke lona kaofela le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hobane motho enwa ya emeng pela lona, o fodisitswe ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo o mpang o mo tsositse bafung.


ba ena le Anna, moprista e moholo, le Kaiafa, le Johanne, le Aleksandere, le bohle bao e leng ba mofuta wa boprista ba boholo.


Yaba Petrose, a tletse Moya o Halalelang, o ba bolella, a re: Marena a setjhaba, le lona baholo ba Iseraele,


Ba mo dumela: eitse hobane ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu; ba ntoo ba lokolla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos