Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa Petrose a mo hlaba ka mahlo, a ena le Johanne, a re: Re tadime.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Empa Petrose, a ena le Johanne, a mo tadimisisa, a re: “Re shebe!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Petrose a mo tadima, a ena le Johanne, a re: Re tadime.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Petrose a mo tadima, a ena le Johanne, a re: Re tadime.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 3:4
11 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane a phuthe buka, a e nea mohlanka, mme a dula; mahlo a bohle ba leng sinagogeng a nna a tadima yena.


Jesu a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bolella hore, ekare ha o dumela, o tla bona kganya ya Modimo na?


Jesu ha a mmona a sekame, mme a tseba hobane e se e le nako e telele a kula, a re ho yena: Na o rata ho fola na?


Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe.


Yare ha ke nyarela ho lona, ka tadima, ka bona diphoofolo tsa lefatshe tse maoto a mane, le dibatana, le dihahabi, le dinonyana tsa lehodimo.


Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ya thapelo, e leng ya boroba mono o le mong.


Mme kahobane seritsa se fodisitsweng se ne se tshwere Petrose le Johanne ka letsoho, batho kaofela hammoho ba ba mathela mathuleng a bitswang a Salomone, ba maketse haholo.


Petrose ha a bona hoo, a bolella setjhaba, a re: Banna ba Iseraele, le tsotelang taba eo? Le re hlabelang ka mahlo, jwaloka eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona re tsamaisitseng motho eo?


Monna eo, eitse ha a bona Petrose le Johanne ba ya kena tempeleng, a ba rapela hore ba mo nee thuso.


Eo a ba tadimisisa, a lebella hore ba tla mo nea ho hong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos