Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 24:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O ka fumana hobane ha ho eso ho fete matsatsi a leshome le metso e mmedi ke fihlile Jerusalema ho rapela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwalokaha o ka tseba, ha ho eso fete matsatsi a leshome le metso e mmedi ho tloha ha ke nyolohela Jerusalema, ho ya kgumamela Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Hobane le tle le utlwisise hobane ho sa setse matsatsi a leshome le metso e mmedi haesale ke nyolohela Jerusalema ho ya rapela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Hobane le tle le utlwisise hobane ho sa setse matsatsi a leshome le metso e mmedi haesale ke nyolohela Jerusalema ho ya rapela.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 24:11
8 Referencias Cruzadas  

Hosasane, Pauluse a ya le rona ha Jakobo; baholo bohle ba ne ba phuthehetse teng.


Ka hosasane, kahobane a ne a rata ho tseba ruri seo Bajuda ba mo qosang ka sona, a mo tlamolla, mme a laela hore baprista ba baholo le ba lekgotla kaofela ba bokane, a ntoo tlisa Pauluse, a mmea pela bona.


Bosiung bo hlahlamang, Morena a ipontsha ho yena, a re: Tiisa matla, Pauluse, hobane jwalokaha o pakile taba tsa ka Jerusalema, e ka kgona o di pake jwalo le Roma.


Eitse hobane a bitse balaodi ba babedi ba lekgolo, a re ho bona: Lokisang bahlabani ba makgolo a mabedi, le bakalli ba mashome a supileng, le ba diqha ba makgolo a mabedi, ba tle ba ye Sesarea ka hora ya boraro ya bosiu.


Eitse hobane ho fete ditshiu tse hlano, ha tla Ananiase, moprista e moholo, a ena le baholo ba bang, le mmoledi e mong ya bitswang Tertullo; mme ba itlhahisa pela mmusisi ho qosa Pauluse.


Jwale, kamora dilemo tse ngata, ke tlile ho etsa dithuso le diabo setjhabeng sa heso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios