Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 24:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane ho fete ditshiu tse hlano, ha tla Ananiase, moprista e moholo, a ena le baholo ba bang, le mmoledi e mong ya bitswang Tertullo; mme ba itlhahisa pela mmusisi ho qosa Pauluse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Kamora matsatsi a mahlano Moprista e Moholo, Ananiase, a theoha le baholo ba bang, le mmuelli e mong ya bitswang Teretulose, ba qosa Paulosi kapele ho mmusisi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Eitse hobane ho fete matsatsi a mahlano, Ananiase, moprista e moholo, a theoha le baholo, le mmuelli e mong ya bitswang Tertulase;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse hobane ho fete matsatsi a mahlano, Ananiase, moprista e moholo, a theoha le baholo, le mmuelli e mong ya bitswang Tertulase;

Ver Capítulo Copiar




Diketso 24:1
15 Referencias Cruzadas  

Hobane, bonang, bakgopo ba koba diqha tsa bona, ba tjheha metsu ya bona lesikeng, ho phosetsa batho ba pelo tse lokileng lefifing.


le balaodi ba makgotla le batshepehi, le baeletsi, le ba masene mesebetsing, le baupelli ba bohlale.


Ka letsatsi le beilweng, Heroda a apara kobo tsa borena, a dula teroneng ya hae; ha a ntse a bua le bona,


Eitse ha matsatsi a supileng a le lekgatheng la ho fela, Bajuda ba Asia ba mmona tempeleng; yaba ba tsosa bongata bohle, ba mo tshwara,


Yaba Ananiase, moprista e moholo, o laela ba emeng pela hae, hore ba mo phobole molomo.


Le lokise le tse kallwang, tse tla palangwa ke Pauluse, mme a iswe ho Felikse, mmusisi, a pholohile.


Jwale, erekaha ke boleletswe hoba Bajuda ba laletse monna enwa, ke mo rometse ho wena kapele, mme ke laetse baqosi ba hae hore tseo ba mo qosang ka tsona ba di bolelle wena. Dumela!


Yare bao ha ba fihla Sesarea, ba nea mmusisi lengolo leo, ba ba ba hlahisa Pauluse pela hae.


a re: Ke tla o utlwa ha baqosi ba hao ba se ba tlile. A ba a laela hore a lebelwe ka tlung ya Heroda.


O ka fumana hobane ha ho eso ho fete matsatsi a leshome le metso e mmedi ke fihlile Jerusalema ho rapela.


Hobane a bitswe, Tertullo o qala ho mo qosa, a re:


Ha ke le Jerusalema, baprista ba baholo le baholo ba Bajuda ba mo qositse ho nna, ba kopa hore a ahlolwe.


Yaba moprista e moholo le baholo ba Bajuda ba itlhahisa ho yena ho qosa Pauluse; ba mo rapela,


Haele nna, banabeso, mohla ke fihlang hara lona, ha ke a ka ka fihla ke le tsebisa bopaki ba Modimo ka dipolelo tse phahamileng, leha e le tsa bohlale.


Mme polelo tsa ka le thuto ya ka ha e a ka ya eba dipolelo tse kgodisang tsa bohlale ba motho, ya mpa ya eba ponahatso ya Moya le ya matla;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios