Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ho ne ho le Bajuda ba aheletseng Jerusalema, banna ba tshabang Modimo, ba tswang ditjhabeng tsohle tse tlasa lehodimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Moo Jerusalema, ho ne ho ahile Bajuda, banna ba tshabang Modimo, ba tswang ditjhabeng tsohle tse teng tlasa letsatsi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Ho ne ho ahile Bajuda Jerusalema, banna ba borapedi, ba tswang ditjhabeng tsohle tse tlasa lehodimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ho ne ho ahile Bajuda Jerusalema, banna ba borapedi, ba tswang ditjhabeng tsohle tse tlasa lehodimo.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 2:5
17 Referencias Cruzadas  

O boloke mokete wa kotulo, e leng dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, tsa tseo o nong o di jadile masimong: o boloke le mokete wa kotulo, ha ho fela selemo, e leng mohla o bokellang mofufutso wa mosebetsi wa hao masimong.


Mesebetsi ya bona le mehopolo ya bona e pepeneneng ho nna ... E se e le nako ya ho phutha ditjhaba kaofela le dipuo tsohle, hore di tle, mme di bohe kganya ya ka.


Lentswe la Jehova wa makgotla la ntlela, la re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla:


Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.


Hobane jwaloka lehadima, ha le hadima, le ye le hadime ho qala nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho isa nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho tla ba jwalo le Mora motho tsatsing la hae.


Ho ne ho na le monna Jerusalema, ya bitswang Simeone; monna eo o ne a lokile, a hlonepha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele; mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.


E mong, lebitso la hae e le Kleopa, a araba, a re: Ke wena o le mong hara ba ahileng Jerusalema ya sa tsebeng taba tse hlahileng teng tshiung tsena?


Ha bo ho le Bagerike hara ba tlileng moketeng ho rapela.


E ne e le motho wa borapedi, ya tshabang Modimo, yena le ba ntlo ya hae bohle; o ne a thusa haholoholo bafumanehi ba hara setjhaba, mme o ne a sa phetse ho rapela Modimo.


Yare hobane lengeloi le buang le Kornele le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba le babedi, wa boraro e le mohlabani ya tshabang Modimo, wa ba dulang ho yena.


Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba hlomphuwang, ba tshabang Modimo, le baholo ba motse; ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.


Letsatsi la Pentekonta ha le se le fihlile, ba ne ba dutse bohle nqalong e le nngwe, ba le kgopolo e le nngwe.


Teng, Ananiase, monna ya tshabang Modimo ka mokgwa wa molao, ya hlomphuwang ke Bajuda kaofela ba ahileng Damaseka,


Mme banna ba bang ba barapedi ba epela Setefane, mme ba mo llela haholoholo.


Yaba o tloha kapele, a ya teng. Mme a bona monna wa Ethiopia, letona le leholo la Kandase, mofumahadi wa Ethiopia, le moalosi wa maruo a hae kaofela, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela;


Kajeno, ke tla qala ho tshollela ditjhaba tse katlasa lehodimo lohle tshoho le tshabo ya hao; etlere ha di utlwa botumo ba hao, di thothomele, mme di tsielehe pela hao.


ha le fela le tiya tumelong, le theilwe teng, le sa sisinyehe, mme le sa lahle tshepo ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e boleletsweng babopuwa bohle ba tlasa lehodimo; eo nna, Pauluse, ke entsweng mohlanka wa yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos