Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 18:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Eitse ha a etswa teng, a kena tlung ya monna e mong ya bitswang Justuse, ya tshabang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e tshwarane le sinagoge.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Yaba o tloha teng, o ya ha motho ya bitswang Tite Jusetose, ya hlomphang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e bapile le ntlo ya thapelo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Ha a tloha moo, a kena tlung ya monna e mong ya bitswang Justuse, ya tshabang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e bapile le sinagoge.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ha a tloha moo, a kena tlung ya monna e mong ya bitswang Justuse, ya tshabang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e bapile le sinagoge.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 18:7
9 Referencias Cruzadas  

Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.


E ne e le motho wa borapedi, ya tshabang Modimo, yena le ba ntlo ya hae bohle; o ne a thusa haholoholo bafumanehi ba hara setjhaba, mme o ne a sa phetse ho rapela Modimo.


Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya roriswang ke setjhaba kaofela sa Bajuda, o laetswe ke Modimo ka lengeloi le halalelang, ho o biletsa tlung ya hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.


Eitse hobane ba tswe sinagogeng ya Bajuda, baditjhaba ba rapela hore, ka Sabatha e tlang, ba bolellwe ditaba tseo le bona.


Eitse ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata, le Baporoselite ba sebeletsang Modimo, ba latela Pauluse le Barnabase; bao, yare ha ba bua le bona, ba ba kgothatsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.


Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba hlomphuwang, ba tshabang Modimo, le baholo ba motse; ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.


Mosadi e mong ya bitswang Lidia, mohwebi wa purepera, wa motse wa Thiatire, ya tshabang Modimo, a mamela; Morena a bula pelo ya hae hore a ele ditaba tse bolelwang ke Pauluse hloko.


Ba bang hara bona ba dumela, ba kgomarela Pauluse le Silase, ba ena le bongata bo boholo ba Bagerike ba tshabang Modimo, le basadi ba hlomphuwang ba bangatanyana.


Jesu, ya bitswang Juste, le yena o a le dumedisa. Ho ba lebollo, ke bona ba nnotshi ba ntshebedisang mmusong wa Modimo, mme ba bile tshediso ho nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos