Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Enereha ba phuthehile le yena, ba mmotsa, ba re: Morena, na o re, e se e le jwale o tla tsosa mmuso wa Iseraele na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Yare ha ba phuthehile, ba mmotsa, ba re: “Morena, na ka nako ee o tla boela o tsosetsa Baiseraele borena?”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Yare ha ba phuthehile, ba mmotsa, ba re: Morena, na o tla busetsa mmuso wa Iseraele ka nako ee na?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Yare ha ba phuthehile, ba mmotsa, ba re: Morena, na o tla busetsa mmuso wa Iseraele ka nako ee na?

Ver Capítulo Copiar




Diketso 1:6
23 Referencias Cruzadas  

Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Ke tla boela ke o tlisetse baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba jwaloka ba ho qala; o ntoo bitswa motse wa ho loka, motse o tshepehang.


le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.


Borena, le puso, le matla a mebuso yohle e katlasa mahodimo kaofela, di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, marena kaofela a tla mo sebeletsa, a mo utlwe.


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


Ka tsatsi leo, ke tla tsosa motlotlwane wa Davida o weleng, ke tsose dikgeo tsa lerako la wona; moo o helehileng ke tla o lokisa, ke tle ke o hahe jwaloka mehleng ya boholoholo;


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


Jesu a araba, a re ho bona: Kannete Elia o tshwanetse ho tla, a busetse tsohle tokeng.


Jesu a re ho yena: O batlang? Eo a mmolella, a re: Ako re, bara bana ba ka ba babedi ba dule mmusong wa hao, e mong letsohong la hao le letona, e mong ho le letshehadi.


Eitse hobane a dule thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena ba nnotshi, ba re ho yena: Re bolelle nako taba tseo di tla etsahala ka yona, le ntho eo e tla ba pontsho ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe.


A araba, a re ho bona: Efela Elia o tshwanetse ho tla pele, a lokise tsohle; mme ho ngodilwe jwang bakeng sa Mora motho hore e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo, mme a nyediswe?


Eitse ha Jesu a botswa ke bafarisi, hore mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: Mmuso wa Modimo ha o tle ka ho lemohuwa.


Eitse ha ba sa mametse taba tseo, Jesu a eketsa ho bolela setshwantsho, hobane a ne a le haufi le Jerusalema, mme ba ne ba lekanya hobane mmuso wa Modimo o tla hlaha kapele.


Mme nna ke le nea mmuso, jwalokaha Ntate a nneile wona,


Yare Petrose ha a mmona, a re ho Jesu: Morena, ho tla ba jwang ho eo?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos