12 Yaba ba theoha thabeng e bitswang Thaba ya Mehlwaare, e haufi le Jerusalema, ba kgutlela Jerusalema, e leng leeto le lekanang le la letsatsi la Sabatha.
Maoto a hae a tla ema, ka tsatsi leo, hodima thaba ya Mehlwaare e pela Jerusalema ka nqa botjhabela; mme thaba ya Mehlwaare e tla petsoha, ho qala ka bohare ho isa nqa botjhabela le nqa bophirimela, ho be ho hlahe kgohlo e kgolohadi; karolo e nngwe ya thaba e tla suthela nqa leboya, e nngwe e suthele nqa borwa.
Eitse hobane a dule thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena ba nnotshi, ba re ho yena: Re bolelle nako taba tseo di tla etsahala ka yona, le ntho eo e tla ba pontsho ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe.