Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Diketso 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba re ba sa lelaletse lehodimong, ha a ntse a nyoloha, bonang, ha hlaha ho bona banna ba babedi, ba apereng diaparo tse tshweu,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi, ba diaparo di tshweu, ba ema pela bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong, ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi ba ema pela bona, ba apereng diaparo tse tshweu;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong, ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi ba ema pela bona, ba apereng diaparo tse tshweu;

Ver Capítulo Copiar




Diketso 1:10
12 Referencias Cruzadas  

Yena a re: O kopile ntho e thata; empa ha o ka mpona ha ke tloswa ho wena, ho tla ba jwalo ho wena; ha o sa mpone, ho ke ke ha eba jwalo.


Ka tadima ho fihlela diterone di ba di bewa, mme Moholo wa matsatsi a dula; seaparo sa hae se ne se le sesweu jwaloka lehlwa, moriri wa hlooho ya hae o ne o le mosweu jwaloka boya ba nku bo hlatswehileng; terone ya hae e ne e tswa malakabe a mollo, le mabidi a yona a ne a le jwaloka mollo o tukang.


A fetoha pontsheng ho bona; sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, mme diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi,


Sefahleho sa lona se ne se le jwaloka lehadima, seaparo sa lona se le sesweu jwaloka lehlwa.


Ha ba kena lebitleng, ba bona mohlankana a dutse ka letsohong le letona, a apere seaparo se sesweu; mme ba tshoha.


Ba re ba sa tsielehile ke hoo, bonang, banna ba babedi ba ne ba eme pela bona ka diaparo tse hadimang.


Yaba o bona mangeloi a mabedi a apereng bosweu, a dutse, le leng le le hloohong, le leng le le maotong, moo setopo sa Jesu se neng se robaditswe teng.


A bona mohlolo ka hora ya boroba mono o le mong, a bontshisa lengeloi la Morena le etla ho yena, mme la re ho yena: Kornele!


Yaba Kornele o araba, a re: Ho se ho fetile matsatsi a mane, ka nako e kang yona ena, ke ne ke itima dijo, ke rapela ka tlung ya ka ka hora ya boroba mono o le mong, mme ka bona monna a eme pela ka ka diaparo tse kganyang;


Empa o na le mabitso a ba seng bakae Sarda, ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; ba tla tsamaya le nna ka diaparo tse tshweu, kahobane ba loketswe ke hona.


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos