Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 9:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Mme jwale, Modimo wa rona, o mamele thapelo ya mohlanka wa hao le thapedisiso ya hae, o edise sefahleho sa hao hodima sehalalelo sa hao se senyehileng ka baka la Morena!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 “Jwale, ka lebaka la hao, wena Modimo wa rona, ako mamele dithapelo le dithapedi tsa mohlanka wa hao, o hauhele Sehalalelo sena sa hao se senyehileng.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 9:17
20 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, mamela thapelo ya mohlanka wa hao le kopo ya hae, Jehova, Modimo wa ka; o mamele mohoeletso le thapelo eo mohlanka wa hao a rapelang pela hao ka yona kajeno.


Oho hle, tsebe ya hao a e ke e sekehwe, mme mahlo a hao a ke a tutubolohe, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao eo ke ntseng ke e nyolosetsa ho wena mehleng ya jwale, motshehare le bosiu ke rapella ka yona bahlanka ba hao, bana ba Iseraele, ke ntse ke bolela dibe tsa bana ba Iseraele, tseo re o sitetsweng ka tsona. Hobane nna le ntlo ya ntate, re sitilwe.


O edisetse sefahleho sa hao ho mohlanka wa hao, o nthute dikomelo tsa hao.


Ba bangata ba re: Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang? Jehova, ako re tjhabisetse lesedi la sefahleho sa hao!


Modimo a o ke o re hauhele, o re hlohonolofatse; o ke o re kgantshetse sefahleho sa wona, (Sela.)


hore tsela ya hao e tsejwe lefatsheng, le poloko ya hao ditjhabeng tsohle.


Lebisetsa maoto a hao dithakong tse ntseng di senyehile. Sera se sentse hohle sehalalelong sa hao.


Sekeha tsebe, modisa wa Iseraele; wena ya tsamaisang Josefa jwalokaha ho tsamaiswa mohlape, wena ya dutseng hodima dikerubime, hlaha kganyeng ya hao!


Jehova, Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!


Oho Modimo, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!


Jehova, Modimo wa makgotla, o tla nne o halefe ho isa kae, leha setjhaba sa hao se ntse se o rapela?


Oho Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!


Ka baka la ka, la ka ka sebele, ke tla etsa hoo, hobane lebitso la ka le ka nyefolwa jwang? Nke ke ka nea e mong kganya ya ka!


O utlwile lentswe la ka, ha ke itse: O se ke wa thibella ho fehelwa ha ka le mehoweletso ya ka tsebe ya hao.


Thaba ya Sione e senyehile, diphokojwe di itsamaela teng.


Morena, ako mamele! Morena, o tshwarele! Morena, o ele hloko, o etse! Se diehe, ka baka la hao, Modimo wa ka, etswe motse wa hao le setjhaba sa hao di bitsitswe ka lebitso la hao!


Ho fihlela jwale, ha le eso ho kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, thabo ya lona e tle e tlale.


Hobane dipallo tsa Modimo kaofela ha tsona ke e ho yena; ka baka leo, amen le yona e teng ka yena, Modimo o tle o tlotliswe ka rona.


Motse ha o na ho boneswa ke letsatsi le kgwedi; hobane o boneswa ke kganya ya Modimo, mme Konyana ke lebone la wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos