Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 6:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yaba morena Dariuse o ngolla ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle ba ahileng lefatsheng lohle, a re: Le atelwe ke kgotso! Le newa molao ke nna,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Yaba kgosi Dariuse o ngolla ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba lefatsheng lohle, o re: “Kgotso e ke e le atele!

Ver Capítulo Copiar




Daniele 6:25
14 Referencias Cruzadas  

Yaba morena o romela karabo e reng: Ho Rehume, motsamaisi wa lekgotla, le ho Shimshai, mongodi, le ho balekane ba bang ba bona ba ahileng Samaria, le ho ba bang ba mose wane ho noka, kgotso e be teng! Jwalojwalo.


Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele; ha ngolwa kahohle kamoo ho laetsweng Hamane kateng; ha ngollwa matona a morena, le babusisi ba naha e nngwe le e nngwe, le dihlooho tsa setjhaba se seng le se seng; ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona; mangolo a etswa ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiiswa ka lesale la morena.


Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.


Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka yona nako eo, le leng ka la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Sifane; ha ngolwa kahohle kamoo Mordekai a laelang kateng; ha ngollwa Bajuda le matona a marena, le babusisi le dihlooho tsa dinaha, ho tloha India ho isa Ethiopia, e leng dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ka mongolo le ka puo ya bona.


O na be a tjhekile lemena, a le fatile, empa o wetse lemeneng leo a le tjhekileng.


Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)


Ya lokileng o lwelwa tsietsing, empa bakeng sa hae ho wela ya sa lokang.


Sebohodi sa howa ka lentswe le phepa, sa re: Le a tsebiswa, lona batho, le ditjhaba, le banna ba dipuo tsohle, hore,


Nna morena Nebukadnesare, ke ngolla batho bohle, le ditjhaba, le ba dipuo tsohle ba ahileng lefatsheng lohle, ke re: Kgotso e ke e le atele!


moo le tla etsa ho motho eo jwalokaha a ne a hopotse ho etsa ho ngwanabo. Tlosa bobe haeno jwalo.


ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.


Le ke le atisetswe mohau le kgotso, ka tsebo ya Modimo le ya Jesu Kreste, Morena wa rona.


Le ke le atisetswe mohau, le kgotso, le lerato.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos