Daniele 4:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)31 Polelo ha e sa le molomong wa morena, lentswe la theoha lehodimong, la re: Morena Nebukadnesare, o tsebiswa hore borena bo ya tloswa ho wena; Ver CapítuloBIBELE31 Yare kgosi e eso qete ho rialo, lentswe la tswa lehodimong, la re: “Wena kgosi Nebukadenesare, polelo ena e tobile wena: O amohilwe mmuso wa hao. Ver Capítulo |
Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.
Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!