Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 2:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Yaba morena Nebukadnesare o wa ka sefahleho, a kgumama pela Daniele, mme a laela hore a hlomphuwe ka mahlabelo a teboho le dibano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

46 Yaba kgosi Nebukadenesare o itihela fatshe ka sefahleho, o kgumamela Daniele, o laela hore a etsetswe nyehelo, a tjhesetswe le mokubetso o monko o monate.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 2:46
12 Referencias Cruzadas  

ba tle ba tsebe ho ntshetsa Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate; hape ba rapelle ho phela ha morena le ha bara ba hae.


ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, le kgumame, mme le rapele setshwantsho seo Nebukadnesare a se emisitseng.


Ha ho le jwalo, eitse ha ba utlwa modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le diletsa kaofela, batho bohle, le ba ditjhaba, le ba dipuo, ba kgumama pela setshwantsho sa kguata seo morena Nebukadnesare a se emisitseng.


Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.


Ke tla senya metse ya lona, ke e etse dithako; ke tla sohlokanya dihalalelo tsa lona, mme ha ke sa tla hlola ke fofonela dibano tsa lona tse monko o monate.


mme a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha. Athe eo e ne e le Mosamaria.


Yare ha Petrose a kena, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo kgumamela.


Le yena moprista wa Jupitere, ya neng a le pela motse wa bona, a tla ka dipoho le meqhaka kgorong, a rata ho etsa mahlabelo a ena le bongata.


Kanthe ba ne ba lebeletse hore o tla ruruha, leha e le ho wa kapele a shwele; empa yare ha ba lebeletse haholo, mme ba bone hoba ha a jewe ke letho, ba fetoha, ba re: Ke modimo.


Jwale baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutseng diteroneng tsa bona pela Modimo, ba wa ka difahleho, mme ba rapela Modimo,


Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.


Ke nna, Johanne, ya boneng, ya utlwileng ditaba tseo. Eitse hobane ke utlwe, ke bone, ka itihela ho kgumama maotong a lengeloi le mpontshitseng ntho tseo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos